Na Lefatše Lee le Tla Pholoha?
Potso eo e hapang thahasello ke sehlooho sa pampitšana e abjoang ke Lipaki tsa Jehova. Selemong se fetileng moahi oa Washington, D.C., o ile a amohela pampitšana ena ’me a bolela hore thahasello ea hae e ile ea tsosoa. O ngotse:
“Ho totobetse ho motho ea phelang motse-moholong oa sechaba sa habo rōna hore ruri lefatše lena le ea bofelong. Ireland Leboea, moo pele e neng e le Yugoslavia, libaka tseo pele e neng e le lirephabliki tsa Soviet Union, kaofela li fana ka bopaki ba lefifi le ntoa tse hlaselang lefatše lena kajeno. Literonko tse tšolohang, mafu a seoa a macha a lefuba le mafu a mang a bohale a seoa, kaofela a pakahatsa taba eo le buang ka eona pampitšaneng ea lōna.”
Monna eo o ile a etsa kōpo: “Ka kōpo nthomelleng boitsebiso bo eketsehileng mabapi le pono ea lōna ea litaba e ikhethang, le thuto ea lehae ea Bibele eo le fanang ka eona.”
Lipaki tsa Jehova li lebisa batho ho seo Bibele e se bolelang ka bokamoso ba moloko oa batho. Haeba u ka thabela kopi ea pampitšana e boletsoeng ka holimo kapa thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.