Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 10/8 leq. 32
  • Pheko Bakeng sa Bothata ba Merabe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pheko Bakeng sa Bothata ba Merabe
  • Tsoha!—1994
Tsoha!—1994
g94 10/8 leq. 32

Pheko Bakeng sa Bothata ba Merabe

Haufinyane tjena monna oa Oklahoma, U.S.A., o ile a amohela kopi ea makasine oa Tsoha! e neng e na le sehlooho “Na Merabe Eohle e Tla ke e be Bonngoeng?” Ha motho enoa a lebisa lengolo la hae ho “Bahatisi ba Ratehang ba Watchtower,” o ngotse:

“Hona joale ke bile le monyetla oa ho bala tokollo ea lōna ea Tsoha! ea September 8, 1993, e neng e bua ka bothata ba likamano tsa merabe. Ke ile ka makala, hape le ho khahloa ke kutloisiso ea lōna e se nang leeme, le e nang le temohisiso ka bothata bona bo rarahaneng.

“Ke sa tsoa qeta thupelo kolecheng mabapi le histori ea U.S. Empa ka maqephe a 9 feela a makasine oa lōna le fane ka histori e tobileng, tlhaloso, LE PHEKO ea bothata bona bo ka hare bo kotsi bo fetelang ka ’nģane ho nako e feletseng ea lithuto tse ngotsoeng le lithupelo tsa koleche. Lihlooho tseo li ne li leka-lekane hoo ho ke keng ha etsahala ho bolela semelo sa morabe sa bangoli.

“Ha lefatše le ntse le khaoha likoto ka lihlopha tse hanyetsanang mabapi le litaba tsa merabe, ho hlokahala hore e mong le e mong a pepesehele boitsebisong ba mofuta ona haholo kamoo le ka khonang ho hatisa kateng. Kea le leboha bakeng sa ho ba le sebete sa ho hatisa ’nete le ntho e bontšang kahlolo e molemo.”

Haeba u ka rata hore kopi ea Tsoha! e tlisoe lelapeng la hao ka poso, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela