Tsoha! Motheo Bakeng sa Tlhahlobo
HA LIITHUTI naheng ea Amerika Boroa ea Suriname li ne li phetla bukana ea tsona ea lipotso tsa tlhahlobo ka July 1993, li ile tsa hlokomela hore babali ba kamehla ba Tsoha! ke bona ba ruang molemo. Ho joalo hobane hoo e batlang e le halofo ea lipotso bukaneng e maqephe a 36, e lokiselitsoeng ke Lekala la Lekhotla la Thuto la Litlhahlobo, li ne li theiloe lihloohong tse peli tse tsoang ho Tsoha!
Leqephe la 1 ho fihlela ho la 9 a ne a theiloe sehloohong “Metse ea Mek’huk’hu—Linako tse Thata Metseng ea Litoropo e Teteaneng,” se neng se le ho Tsoha! ea October 8, 1992. Ho ne ho e-na le lipotso tse 21 tse neng li hlahloba kutloisiso ea boitsebiso boo. Maqepheng a 10 ho isa ho 16 a bukana ea tlhahlobo ho ne ho e-na le lipotso tse 14 tse theiloeng sehloohong “Capybara—Phoso Kapa Mosebetsi o Tsoileng Matsoho oa Pōpo?” se neng se le ho Awake! ea September 22, 1992.
Hlooho e ’ngoe ea sekolo karolong e ka bophirimela ea Suriname e ile ea bolela maikutlo a eona: “Ka ho sebelisa lihlooho tsena ho pholletsa le naha ho hlahloba kutloisiso ea liithuti tabeng e ngotsoeng, batsamaisi ba sekolo ba bontša hore ba talima Tsoha! e le ho ngoloa ha puo ka mokhoa o nepahetseng le bongoli bo tobang taba.”
Haeba u lakatsa ho amohela kopi ea Tsoha! kapa u rata hore motho e mong a u etele lapeng la hao bakeng sa ho buisana ka taba ena, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.