Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 10/8 leq. 32
  • Thuso Bakeng sa Bacha ba Sithabetseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuso Bakeng sa Bacha ba Sithabetseng
  • Tsoha!—1995
Tsoha!—1995
g95 10/8 leq. 32

Thuso Bakeng sa Bacha ba Sithabetseng

Ha ngoanana e monyenyane sekolong sa New Jersey, U.S.A., a utloa bohloko ’me a tsoa ka tlelaseng a matha, seithuti-’moho le eena tlelaseng eo se ile sa mo sala morao ho ea matloaneng a banana. Seithuti-’moho le eena tlelaseng se itse: “Ha ke fihla ho eena, o ne a lla ’me o ile a mpolella ka a mang a mathata a lelapa labo. Batsoali ba hae ba ne ba hlalana, ’me o ile a re ho ne ho le thata ho eena hore a tsepamise mohopolo mosebetsing oa sekolo. O ile a mpolella hore o ne a batla ho baleha lapeng.”

Seithuti-’moho le eena tlelaseng se ile sa bolella ngoanana eo ea sithabetseng hore se ne se batla ho mo tlela le buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Se ile sa etsa joalo ka letsatsi le latelang, sa etsetsa motsoalle oa sona selika-likoe likhaolong tse nang le lihlooho tse kang “Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho ‘Hlompha Ntate le ’Mè’?,” “Ke Hobane’ng ha Ntate le ’Mè ba Ile ba Arohana?,” “Nka Hlōla Khatello ea Lithaka Joang?,” le “Na ke Lokela ho Tloha Lapeng?”

Seithuti-’moho le eena tlelaseng se itse: “Ha ke mo fa buka eo, banana ba bang ba babeli ba ile ba e bona ’me ba e-ba le taba-tabelo. Ba ile ba botsa hore na le bona ba ka fumana kopi. Kahoo ke ile ka fa e mong le e mong oa bona kopi ea buka eo. Bana ba bang ka tlelaseng ba ile ba bona e mong oa banana bao a ntse a phetla buka eo, ’me le bona kaofela ba ne ba batla ho e bona. Buka eo e ile ea qetella e potoloha ka tlelaseng ka tumello ea tichere.”

Haeba u rata ho ba le kopi ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang kapa u rata ho ba le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela