Thulusi ea Bohlokoa ea Thuto
Setho sa palamente naheng ea Sri Lanka se ile sa ngolla “Mohlophisi oa ‘Tsoha!’” Lengolo la hae le hlahisitsoe hape ka tlaase:
“Mohlomphehi ea Ratehang,
“Le hoja makasine ea Tsoha! eo u e hatisang e le nyenyane, ke ea bohlokoa ka ho fetisisa ebile e nakong. Sehlooho se seng le se seng se thusa bacha ba kajeno ho khetholla ka ho hlaka pakeng tsa se lokileng le se sebe.
“Ke balile lihlooho tsohle. Maikutlo a ka ke hore tichere e ’ngoe le e ’ngoe ea sekolo, seithuti le motsoali e mong le e mong ba lokela hore ka sebele ba bale makasine ena.
“Ke ananela mosebetsi o motle oo u o etsang. Ke u lakaletsa katleho e tsoelang pele boitekong ba hao.”
Ho hatisoa hoo e batlang e le likopi tse limilione tse 16 tsa tokollo ka ’ngoe tsa Tsoha!, ka lipuo tse 78. Makasine ena e hlokomeloa lefatšeng lohle e le thulusi ea bohlokoa ea thuto. Le uena u tla rua molemo ka ho e bala. Haeba u rata ho ba le kopi kapa u rata ho ba le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.