Likoluoa Tsa Tlhaho—Ho Thusa Ngoana oa hao ho Sebetsana le Tsona ka Katleho
LITŠISINYEHO tsa lefatše, lifefo tse matla, mello, meroallo, maholiotsoana—re ba ba se nang boitšireletso hakaakang ha re talimane le khalefo ea tlhaho! Hangata batho ba baholo ba fumana hore ho ka ’na ha nka lilemo tse ngata pele litšoantšo tse tšosang ka kelellong tse hatisitsoeng ke ho feta phihlelong ea koluoa ea tlhaho li ka qala ho fela. Ka ho sa makatseng, bana ba ka ’na ba hloka thuso e eketsehileng hore ba hlaphoheloe liphihlelong tse joalo.
Federal Emergency Management Agency (FEMA) ea United States e hlokomelisa hore hang-hang ka mor’a koluoa, ka tloaelo bana ba tšaba hore (1) ba tla sala ba le bang, (2) ba tla arohana le lelapa, (3) ketsahalo eo e tla etsahala hape le hore (4) motho e mong o tla tsoa kotsi kapa a shoe. Ke’ng seo uena joaloka motsoali u ka se etsang ho fokotsa ho tšoenyeha ha ngoana ka mor’a ketsahalo e bohloko ea koluoa? FEMA e etsa litlhahiso tsena.a
Leka ho boloka lelapa le le hammoho. Ho lula le le hammoho ho fana ka tiisetso ho ngoana oa hao ’me ho fokotsa tšabo ea hae ea ho siuoa a le mong. Ha ho molemo ho siea bana le beng ka uena kapa metsoalle kapa setsing sa paleho ha u ntse u batla thuso. FEMA ea hlokomela: “Bana baa tšoenyeha, ’me ba tla khathatseha ka hore batsoali ba ke ke ba khutla.” Haeba u tlameha ho ea sebakeng se itseng, tsamaea le bana ba hao haeba ho khoneha. Ka tsela eo ‘mohlomong ngoana oa hao a ke ke a ba le mokhoa oa ho ingaparela ka motsoali a tšohile.’
Iphe nako ea ho hlalosa boemo ka khutso le ka tieo. Bolella ngoana oa hao seo u se tsebang ka koluoa. Haeba ho hlokahala, pheta tlhaloso ea hao khafetsa. Bolela se tlang ho etsahala ka mor’a moo. Ka mohlala, u ka ’na ua re, ‘Bosiung bona kaofela ha rōna re tla ba hammoho tlung ea setšabelo.’ Buisana le bana u bapile le mahlo a bona, u khumame fatše haeba ho hlokahala.
Khothaletsa ngoana oa hao ho bua. FEMA ea bolela: “Puisano e thusa haholo ho fokotsa matšoenyeho a ngoana.” Mamela seo ngoana ka mong a u bolellang sona ka koluoa le seo a se tšabang. (Bapisa le Jakobo 1:19.) Mo bolelle hore ho tšoha ke ntho e tloaelehileng. Haeba ngoana oa hao a bonahala a qea-qea ho itlhalosa, mo tsebise hore u tšohile. Ho etsa joalo ho ka ’na ha mo nolofaletsa ho hlalosa seo a se tšabang, ka hona a fokotse ho tšoenyeha ha hae. (Bapisa le Liproverbia 12:25, NW.) “Haeba ho khoneha, kopanyelletsa lelapa lohle puisanong.”
Kopanyelletsa bana mesebetsing ea ho hloekisa. Ha ho hloekisoa leha ho lokisoa ntlo, abela bana mesebetsi ea bona. “Ho ba le mosebetsi ho tla ba thusa ho utloisisa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla loka.” Leha ho le joalo, ka tloaelo ngoana e monyenyane haholo o hloka tlhokomelo e khethehileng. FEMA ea hlalosa: “Ngoana ea joalo a ka ’na a hloka tlhokomelo ea matsoho e eketsehileng, ho koptjoa ka liatla haholoanyane; ’me sena se thatafaletsa batsoali ho hlokomela lintho tse ling tse lokelang ho etsoa. Ka bomalimabe, ha ho na tsela e paroletsang. Haeba litlhoko tsa ngoana li sa khotsofatsoe, bothata bo tla tsoela pele nako e teletsana.”
Ntlha e ’ngoe ea ho qetela e lokela ho hopoloa. FEMA e eletsa batsoali: “Qetellong, le lokela ho etsa qeto ka se molemong oa bana ba lōna.” Ho sebelisa litataiso tsena ho ka u thusa hore u sebetsane ka katleho le boemo bo thata.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Li nkuoe libukeng tse hatisitsoeng ke FEMA, e leng Helping Children Cope With Disaster le Coping With Children’s Reactions to Hurricanes and Other Disasters.