Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 8/8 leq. 32
  • Seo a Neng a se Batla e ne e le Botšepehi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo a Neng a se Batla e ne e le Botšepehi
  • Tsoha!—1996
Tsoha!—1996
g96 8/8 leq. 32

Seo a Neng a se Batla e ne e le Botšepehi

Mosali e mong e mocha Ecuador o ile a ea hlahlojoa bakeng sa ho fumana mosebetsi. Ka mor’a ho buisana le ba bang ba neng ba tlil’o hlahlojoa bakeng sa ho fumana mosebetsi—kaofela ba ne ba le 36—o ile a hlokomela hore o ne a e-na le menyetla e fokolang. Ba ne ba e-na le phihlelo ea mosebetsi le thuto ea univesithi, ha eena a ne a se na tsona. ’Me lipotsong tse tšeletseng tse ileng tsa botsoa, o ile a fosa tse peli. Leha ho le joalo, potso e ’ngoe e ne e le ea botho: “’Nete ke’ng ho uena?”

Mosali eo o ile a araba: “’Nete hase khopolo eo ho leng thata ho e utloisisa empa ke ntho eo re lokelang ho phela ka eona. Re lokela ho bua ’nete ’me re se ke ra bua leshano, hobane haeba re bua leshano, re latela litsela tsa Satane Diabolose. Haeba re bua ’nete, re khahlisa Molimo ’me re fumana melemo ea botho e mengata.”

Ha mookameli a botsa ka bolumeli ba mosali eo, o ile a araba ka ho re ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Letsatsing le latelang o ile a tsebisoa hore o ne a khethetsoe ho tla mosebetsing. Khoeli e le ’ngoe hamorao mosali eo o ile a botsa mookameli hore na ke hobane’ng ha a ne a khethile eena, ’me mookameli o ile a re e ne e le ka lebaka la botšepehi ba hae.

Na hase ’nete hore kajeno batho ba bangata ha ba tšepahale? Ka lehlakoreng le leng, batho ba hlomphang Bibele ba hlokomeloa ka botšepehi ba bona. Molula-Qhooa oa July 1, 1995, o ile oa re: “Ka Bibeleng, ho hang ‘’nete’ ha e tšoane le khopolo eo ho leng thata ho e utloisisa, eo e seng ea sebele eo bo-rafilosofi ba phehisanang khang ka eona.”

U tla rua molemo ka hore kamehla u bale Molula-Qhooa, oo lefatšeng ka bophara o tsebahalang e le ’muelli ea matla oa ’nete ea Bibele. Haeba u lakatsa ho ba le boitsebiso bo eketsehileng ba kamoo u ka fumanang kopi ea oona kapa ho ba le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela