Na Malumeli a Lefatše a Haufi le Bofelo ba ’Ona?
KA MONGOLLI OA TSOHA! SWEDEN
NA SEHLOOHO see se etsa hore u ipotse: ‘Ke joang see se ka bang joalo? Na malumeli a lefatše ha a sebetse ka matla le ho ba le tšusumetso e khōlō lefatšeng ho pota kajeno?’
E, a bonahala a le joalo, le hoja a pholletsa har’a leoatle la likhathatso. Lekholong lena la bo20 la lilemo, ho bile le lipelaelo tse tebileng ka bolumeli ’me bo pepesitsoe ho feta leha e le neng pele paleng ea batho. Litsebi tsa linaleli li hlahlobile bokahohle ka libonela-hōle tsa tsona tse khōlōhali le bo-rasepaka-paka ba ’nile ba tlala-tlala le sepaka-paka; ’me joalokaha rasepaka-paka oa Mosoviet a hlalositse, ha ba e-s’o bone ‘Molimo kapa mangeloi.’ Litsebi tsa fisiks li arotse seo lintho tsohle li entsoeng ka sona ho se tsekolla hore e be likarolo tse nyenyane haholo ’me ha lia ka tsa bona matla leha e le afe a bomolimo a qalisitseng bophelo. Litsebi tsa baeloji le paleontology li bolela hore li tsosolositse tatellano e telele ea liketsahalo tsa ho iphetola ha lintho tse phelang, ho tloha ho amoeba ho isa ho motho, li sa fumane leha e le kamano e nyenyane ka ho fetisisa e pakang ho kenella ha pōpo kae kapa kae tatellanong ea liketsahalo tseo.
Leha ho le joalo, bohlale ba lefatše le filosofi ea lerato la lintho tse bonahalang li hlōlehile ho hlakola maikutlo a bolumeli polaneteng ena, ’me mebuso le lifilosofi tsa lipolotiki tse latolang boteng ba Molimo ha lia finyella katleho e fetang. Ka lilemo tse fetang 70, Bokomonisi ba bohatelli, bo latolang boteng ba Molimo bo ’nile ba nyatsa bolumeli ka hore ke tumela-khoela le “matekoane ho batho,” ba tlosa baeta-pele ba bolumeli litulong ’me ba thibela mosebetsi oa bona, ba senya kapa ba hapa likereke le litempele, ’me ba khelosa le ho bolaea barapeli. Leha ho le joalo, liketso tse joalo ha lia ka tsa felisa maikutlo a bolumeli. Hang ha mebuso eo e e-oa, bolumeli bo ile ba phahama lerōleng ka mahlaha-hlaha a bonahalang eka a boetse a nchafetse. Linaheng tseo pele e neng e le tsa Bokomonisi, batho ba boetse ba phuthehela litempeleng tsa bona tsa khale, ba khumama ka boinehelo borapeling joalokaha baholo-holo ba bona ba ne ba etsa pele ho bona.
Maikutlo a bolumeli a ntse a le matla likarolong tse ling tsa lefatše. Selemo se seng le se seng motse o moholo oa Mecca, Saudi Arabia, o amohela baeti ba Mamosleme ba limilione ba tsoang lefatšeng ka bophara. St. Peter’s Square, Vatican, e lula e tletse tsoete! ka balumeli ba K’hatholike ba batlang ho bona mopapa le ba tšepang ho amohela mahlohonolo a tsoang ho eena. Batšehetsi ba chesehang ba Mahindu ba limilione ba lula ba ea ka bongata libakeng tse makholo-kholo tse halalelang mabōpong a linōka “tse halalelang” tsa India. Bajuda ba chesehelang borapeli ba khobokana Leboteng la Lillo le Jerusalema bakeng sa ho rapela le ho siea lithapelo tsa bona tse ngotsoeng mapetsong a leboteng.
E, ho bonahala eka ho ke ke ha khoneha ho fothola bolumeli molokong oa batho. Setsebi se seng litabeng tsa lipolotiki seo e leng letsoalloa la Ireland, Edmund Burke, se ile sa re: “Motho o entsoe e le sebōpuoa sa molumeli.” Ho ea ka lipalo-palo, batho ba bang le ba bang ba 5 ho ba 6 lefatšeng ba kopanela ka mokhoa o itseng bolumeling bo itseng. Ho latela lipalo tsa morao tjena, ho na le balateli ba ka bang limilione tse 4700 ba bolumeli bo hlomamisitsoeng lefatšeng, ha ho e-na le batho ba ka holimonyana feela ho limilione tse sekete bao e seng balumeli le ba latolang boteng ba Molimo.a
Ha ho talingoa sena, na ke ho utloahalang ho lumela hore malumeli a lefatše a haufi le bofelo ba ’ona? ’Me haeba ho joalo, a tla felisoa neng hona joang? Na ho na le bolumeli leha e le bofe bo tla sala? A re hlahlobeng lipotso tsena lihloohong tse peli tsa latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Bao e seng balumeli” ba akarelletsa: “Batho ba ipolelang hore ha ba na bolumeli, bao e seng balumeli, ba belaellang boteng ba Molimo, ba latelang monahano oa bona feela, ba hanang lithuto tsa bolumeli le ba sa natseng bolumeli ka ho feletseng.”
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
St. Peter’s Square, Vatican City