Ho Batla Moetsi e Moholo ka ho Fetisisa oa Mesebetsi e Khabane
Eo ke taba e ileng ea tšohloa ho Tsoha! ea November 8, 1995. Taba ena e ile ea tlisa karabelo e molemo ho tsoa ho babali lefatšeng ka kakaretso.
Amang o ile a ngola a le Douala, Cameroon: “Lihlooho tsena li ile tsa nkama haholo hobane ke rata mesebetsi e entsoeng ka bokhabane, haholo-holo litšoantšo tse takiloeng hantle. Hona joale kea utloisisa hore ho na le Moetsi oa Mesebetsi e Khabane e moholoanyane ho feta Van Gogh, Rembrandt, Da Vinci le ba bang—hase e mong haese Jehova Molimo ka boeena.”
Ho tsoa St. Barthélemy, French West Indies, Frederick o ile a re: “Ke e balile ka makhetlo a mane, ’me lekhetlo le leng le le leng ke ile ka tlala kananelo ea lintho tse babatsehang tseo ’Mōpi oa rōna a re fileng tsona.”
Assunta o ile a ngola a le Italy: “E ile ea tsosa ka ho ’na takatso ea ho etsa litšoantšo tse takiloeng. E hōlisitse thahasello ea ka bakeng sa lefatše le lecha la Molimo.” ’Me Irena, oa Czech Republic, o ile a re: “Ha re etela limusiamo, re tlameha ho lefa bakeng sa ho bona mesebetsi e entsoeng ka bokhabane, le hoja ’Mōpi oa botle bohle ba tlhaho a re fa bona ntle ho tefello, letsatsi le leng le le leng.” Aline o ngotse a le Brazil: “Le hoja khafetsa re e-ba le lihlooho tse re thusang ho ananela botho ba Jehova, tsena li nkamme pelong ka ho khetheha. Li fane ka boitsebiso bo bongata mabapi le pōpo bo matlafatsang kananelo ea rōna ea lerato la Jehova.”
Mariheng a batang a Wisconsin, U.S.A., Anne o ile a ngola: “Ka sebele se nthusitse ho ananela botle ba pōpo. Ka linako tse ling mariha ho thata ho bo fumana. Hona letsatsing leo ke balileng sehlooho sena ka lona, ke ile ka tsoela ka ntle ’me ka bona serame se letse holim’a lekala, lekhasi le koahetsoeng ke lehloa le mehato ea liphoofolo lehloeng. Ke boela ke leboha bakeng sa ho hopotsoa kamoo re ka ananelang ‘Moetsi e Moholo ka ho Fetisisa oa Mesebetsi e Khabane.’”
Haeba u lakatsa ho ba le boitsebiso bo eketsehileng ba kamoo u ka fumanang makasine ena kamehla, ka kōpo iteanye le Lipaki tsa Jehova tikolohong ea heno kapa u ngolle atereseng e haufi ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.