Ntho e ’Ngoe eo Bacha ba e Hlokang Kajeno
Ngoanana e mong ea lilemo li 14 oa New Jersey, U.S.A., o boletse hore pejana selemong sena o ile a tšoanela ho ngola tlaleho ka “Lebaka le Etsang Hore Liithuti li Qhekelle Litlhahlobong.” O ile a tla le buka ea hae ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang sekolong bakeng sa ho etsa patlisiso. Se seng sa liithuti-’moho le eena se ile sa e nka ’me sa qala ho bala lihlooho tse ka hare ho eona tlas’a likarolo, tse kang “Likamano Tsa Botona le Botšehali le Boitšoaro” le “Ho Laetsana, Lerato, le ba Batona kapa ba Batšehali.”
Seithuti-’moho se ile sa botsa: “Na nka fumana buka ee?”
Seithuti sena se ile sa re: “Ke ile ka hlalosa hore ena ke kopi ea ka le hore ke tla se tlisetsa ea sona. Ha ke se tlisetsa eona, seithuti se seng se ile sa bona buka eo ’me sa nkōpa hore ke se fumanele eona le sona. Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka tla le libuka tse leshome tsa Bacha Baa Botsa bakeng sa liithuti tse neng li batla kopi ea eona.”
Seithuti sena se lilemo li 14 se nahana hore ho bohlokoa ho ba le buka ena. Se ile sa re: “Ka sebele re hloka khatiso ena kaha ho ba mocha matsatsing ana ho thata haholo.”
Haeba u ka rata boitsebiso bo eketsehileng mabapi le ho fumana kopi ea buka ena ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang kapa u ka rata hore motho e mong a u etele lelapeng la hao ho tla tšohla bohlokoa ba thuto ea Bibele, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.