Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 7/8 leq. 32
  • “Ha ho Mohla Nkileng ka Tsotella ho Bala Tsoha!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ha ho Mohla Nkileng ka Tsotella ho Bala Tsoha!”
  • Tsoha!—1997
Tsoha!—1997
g97 7/8 leq. 32

“Ha ho Mohla Nkileng ka Tsotella ho Bala Tsoha!”

Ao ke mantsoe a seithuti se seng Univesithing ea San Jose State, California, se neng se ithuta Lithuto tsa Tikoloho. Se tsoela pele: “Ke ne ke e-na le boikutlo ba hore makasine eo e tla mpolella hore—‘E-ea kerekeng’ kapa hore, ‘E-ba Paki ea Jehova.’ Leha ho le joalo, ha ke bala tokollo ena (ea January 8, 1996, ‘Polanete ea Rōna e Sokeloang—Na e ka Sireletsoa?’) ke ile ka hlolloa ke kamoo e tšoereng lintlha kateng! Lihlooho tsa eona li akarelletsa setšoantšo se nang le boitsebiso ba ‘A Mang a Mathata a Maholo a Tikoloho a Lefatše,’ se bontšang libaka tse anngoeng ke ho senngoa ha meru, litšila tse chefo, tšilafalo ea sepakapaka, leqeme la metsi, liphoofolo tse kotsing ea ho fela le ho senyeha ha naha.

“Ha ke na bana hona joale, empa ke tšoenngoa ke hore na ba tla ba le moea o hloekileng oo ba tla o phefumoloha, lirapa tsa boikhathollo tseo ba tla bapalla ho tsona leha e le metsi hore ba lule ba phela. . . . Kea le babatsa ka lihlooho tsena.”

Hona joale kabo ea tokollo ka ’ngoe ea Tsoha! ke limilione tse 18,3 ka lipuo tse 80, tseo ho tsona tse 56 li hatisoang ka nako e le ’ngoe. Haeba u ka rata ho bala makasine ena kamehla, ka kōpo iteanye le Lipaki tsa Jehova tse sebakeng sa heno, ka founo kapa Holong ea ’Muso e sebakeng seo kapa u ngolle atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela