Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 9/8 leq. 32
  • “E ne e le Buka ea Pele eo a Kileng a e Bala”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “E ne e le Buka ea Pele eo a Kileng a e Bala”
  • Tsoha!—1997
Tsoha!—1997
g97 9/8 leq. 32

“E ne e le Buka ea Pele eo a Kileng a e Bala”

Lipaki tsa Jehova Ukraine li atisa ho buisana le ba emetseng literene. Mosali e mong ea ileng a bontša thahasello Bibeleng o ile a fuoa kopi ea Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, e leng buka e sebelisang litšoantšo haholo litlhalosong tsa eona tsa tatellano ea liketsahalo tsa histori ea Bibele.

Hamorao, hona seteisheneng seo, mosali eo o ile a bona Paki ela hape ’me a e leboha ka buka, a hlalosa hore: “Mora oa ka o ne a sa batle ho bala libuka tsa hae tsa sekolo. O ne a sa li bale ho hang. Empa ha ke mo fa buka ea Lipale tsa Bibele, o ile a bona litšoantšo ’me a ba le thahasello e matla ea ho e bala. O ile a qeta ho bala buka eohle ka libeke tse ka bang peli. E ne e le buka ea pele eo a kileng a e bala. Empa ka holimo ho tsohle, o ile a thabela ho tseba Molimo. ’Me le ’na ka bonna ke thabela ho bona liphetoho tsena ho eena. Ka kōpo mphe ho hong ho eketsehileng bakeng sa ho bala.”

Mosali e mong hape ea neng a eme haufi o ile a utloa litaba tsena. O ile a botsa hore na a ka khona ho fumana kopi ea Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. Le uena ka ho tšoanang u ka fumana boitsebiso bo eketsehileng mabapi le kamoo u ka fumanang kopi ea buka ena e maqephe a 256 kapa ua ba le motho ea u etelang lelapeng la hao ho tla tšohla le uena bohlokoa ba thuto ea Bibele, ka ho ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e haufi le uena ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela