Tsoha!—“Kofuto ea Bohlokoahali le e Hlokahalang”
“KEA LEBOHA ka sehlooho sa lōna se reng ‘RSD—Boloetse bo Tsietsang, bo Bohloko,’ tokollong [ea Senyesemane] ea September 8, 1997. Ke le motlalehi ka lekhotleng, ke atisa ho biletsoa ho tlaleha bopaki bo mabapi le litaba tse ngata tse sa tšoaneng le tse rarahaneng. Ke sa tsoa tlaleha bopaki bo hlapanyelitsoeng ba ngaka e robatsang ka lithethefatsi e sebetsanang ka ho khetheha le ho theola bohloko. Bopaki bona bohle bo ne bo le mabapi le taba ea RSD [Reflex Sympathetic Dystrophy (Boloetse bo Bakang Bohloko bo Choachoaselang)]. Ka lebaka la ho bala Tsoha! kamehla, kapele-pele ke ile ka tloaelana le mantsoe a khethehileng le mekhoa ea phekolo, tse neng li hlalositsoe ka ho hlaka tokollong ena ea September. Hamorao ke ile ka khona ho arolelana tokollo ena le babuelli ba bang ba molao ba neng ba ameha nyeoeng ena.
“Ke nka Tsoha! e le kofuto ea bohlokoahali le e hlokahalang thutong ea ka e tsoelang pele. E etsa hore ke lule ke e-na le tsebo e pharaletseng ea lihlooho tse ngata.—G. M. A.”
Haeba u rata ho ba le boitsebiso bo eketsehileng mabapi le ho fumana kopi ea Tsoha! ea morao-rao, eo hona joale e hatisoang ka lipuo tse 81, ka kōpo iteanye le Lipaki tsa Jehova tse haufi le uena kapa u ngolle atereseng e haufi ho tse bontšitsoeng leqepheng la 5.