“Ntho e ’Ngoe e Ikhethang”
Ka mor’a ho bala buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, e leng buka e lekang ho hlalosa ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba Jesu lefatšeng e ngotsoeng Likosepeleng tse ’nè, mosali e mong ea lilemo li 70 oa Moscow, Russia, o ile a khotsa: “Ha ho mohla nkileng ka bala buka e kang ena. Ke batla ho tseba ho eketsehileng ka Molimo le Jesu Kreste esita le ho ithuta Bibele.”
Ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e Russia e atisa ho amohela mangolo a joalo mabapi le lingoliloeng tsa Bibele. Mosali e mong oa Chelyabinsk, motse o nang le baahi ba ka bang ka holimo ho milione o lik’hilomithara tse ka bang 1500 ka boroa-bochabela ho Moscow, o ile a romela lengolo le tšoanang.
O ile a re ka Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela: “Buka ena ke ntho e ’ngoe e ikhethang. E fa batho tšepo ea bokamoso bo thabileng ’me e ba thusa ho tseba histori ea boholo-holo. Pele ke bala buka ena, ho ne ho se mohla nkileng ka nahana ka Molimo ke bile ke sa thahaselle bolumeli, empa hona joale ke batla ho kolobetsoa. Ke rata haholo ho ithuta lingoliloeng tsa lōna. Ke batla ho bua le metsoalle ea ka, batho bao ke ba tloaetseng le beng ka ’na ka lintho tseo ke li balileng.”
Le uena u ka fumana lingoliloeng tse ka u thusang ho ithuta ka ho eketsehileng ka Jesu le tšepo e thehiloeng Bibeleng ea bophelo lefatšeng le lecha. Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ba kamoo u ka fumanang kopi ea buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela kapa u ka rata hore motho e mong a u etele ho tla u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.