“Lefatšeng Leo ho Lona ho Pheloang ka Khotso le Kutloano”
Na u lumela hore see se tla ke se etsahale? Mosali e mong oa Florida, U.S.A., o ile a ngola: “Pampitšana ea lōna e reng Na Batho Bohle ba Tla ke ba Ratane? ke o mong oa melaetsa e matlahali e fanang ka tšepo eo nkileng ka e bala. Ke e balile ka makhetlo a mangata. Ke tlala thabo nako le nako ha ke e bala—ka khopolo e lerato ea ho phela lefatšeng leo ho lona ho pheloang ka khotso le kutloano.”
Haeba le uena u ka lakatsa ho fumana bopaki bo bontšang hore lefatšeng la batho ho ka khoneha le hore ho tla pheloa ka khotso le kutloano, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5. U ka boetse oa fumana kopi ea bukana e maqephe a 32 e reng Na Ruri Molimo oa re Tsotella? Re lumela hore karolo ea 10 e reng “Lefatše le Lecha le Hlollang le Entsoeng ke Molimo,” e tla u khothatsa.