‘Ke Letetse ka Cheseho Paradeise e Tlang’
Ke seo Aleksandr ea lilemo li 14 a ileng a se bolela lengolong leo a le ngoletseng ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower Russia. Mocha enoa oa Russia o ne a ile a fuoa likopi tsa Molula-Qhooa le lingoliloeng tse ling tse hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova. O hlalositse tjena lengolong la hae:
“Ha ke ne ke tsamaea le batsoali ba ka ka terene ho ea Khabarovsk, Lipaki tsa Jehova li ile tsa re atamela. Li ile tsa re bolella lintho tse ngata ka boprofeta ba Bibele, mehla ea bofelo le bophelo bo sa feleng lefatšeng.”
Mocha eo o ile a phetha ka ho re: “Ho thabisa hakaakang ho hlokomela hore haufinyane bokhopo bo tla fela le hore batho ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng! Ke letetse ka cheseho nako eo ka eona lefatše le tla fetoha paradeise e ntle. Nka thaba haholo ha le ka ’ngolla, la mpolella hore na lithuto tsa Bibele li tsamaisoa joang.”
Mohlomong le uena u rata ho tseba ho eketsehileng ka merero ea Molimo. Haeba ho joalo, ka kōpo tlatsa setlankane se ka tlaase mona ’me u se romele ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse leqepheng la 5.
□ Ke rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng mabapi le hore na ke joang nka fumanang bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?
□ Ke kōpa hore le ’ngolle mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.
Lebitso Aterese Motse Profinse Nomoro ea Poso Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa