Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 8/8 leq. 32
  • Phehisano ka Lipaki Tsa Jehova Thelevisheneng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Phehisano ka Lipaki Tsa Jehova Thelevisheneng
  • Tsoha!—2002
Tsoha!—2002
g02 8/8 leq. 32

Phehisano ka Lipaki Tsa Jehova Thelevisheneng

Ka selemo sa 2000 le 2001, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlaseloa Georgia, naha eo e kileng ea e-ba rephabliki ea Soviet Union. Seteishene sa thelevishene se tummeng Georgia se ile sa hasa phehisano pakeng tsa ralipolotiki, ea neng a re Lipaki li thibeloe, le moprofesa ea neng a laetsoe ke lekhotla ho fuputsa lingoliloeng tsa Lipaki.

Ha a araba letoto la liqoso khahlanong le litumelo tsa Lipaki, moprofesa eo o ile a ipelaetsa ka hore lintho tsohle tseo ralipolotiki eo a li buang ha “li na motheo.” O ile a phahamisa buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng hore bashebelli ba thelevishene ba e bone, eaba o re: “Ke sena seo Lipaki tsa Jehova li se lumelang.”

Ka mor’a moo moprofesa o ile a bala serapa sa pele sa buka, se phethang ka mantsoe a reng: “Leha ho le joalo ho ba bangata ho bonahala bophelo bo hlahisa letoto la mathata a tebileng. Haeba u bile le phihlelo e joalo, e-ba sebete.”

Buka ena e araba lipotso tseo batho ba bangata ba nang le tsona ka ho fana ka likarabo tse tsoang Bibeleng. Ka mohlala, tse ling tsa lihlooho tse fumanoang likhaolong tsa eona ke tse reng: “Molimo oa ’Nete ke Mang?,” “Ke Hobane’ng ha re Tsofala ’me re E-shoa?” le se reng, “Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?”

Na u ka rata ho amohela buka ee e maqephe a 192 e le hore u ka itlhahlobela eona? U ka fumana kopi ka ho tlatsa setlankane se bontšitsoeng mona ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Ka kōpo ntlisetseng buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng.

Bontša hore na ka puo efe.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela