Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 10/8 leq. 32
  • Ho Phela ka Thabo Lapeng Hoa Khoneha!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Phela ka Thabo Lapeng Hoa Khoneha!
  • Tsoha!—2002
Tsoha!—2002
g02 10/8 leq. 32

Ho Phela ka Thabo Lapeng Hoa Khoneha!

MOSALI e mong oa motseng oa Maladzyechna, Belarus, o ile a ngolla ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova Russia. O ile a hlalosa hore o na le monna le bana ba babeli. O ngotse: “’Na le monna oa ka rea ratana. Leha ho le joalo, ke eleletsoe hore ha re qeta nako e telele re le hammoho, re teneha feela le ho ngangisana ntle ho mabaka. Likhoeli tse seng kae tse fetileng, motho e mong eo ke sa mo tsebeng o ile a nkemisa seterateng ’me a mpha pampitšana e nang le sehlooho se reng Thabela Bophelo ba Lelapa. Pele, ke ile ka haptjoa ke setšoantšo sa lelapa le thabileng. Hamorao ke ile ka bala litaba tsa eona ’me ka e fa monna oa ka hore a e bale.

“Mohlolo o mokaalo, lelapa la rōna ha lea ntlafala feela, ha e le hantle nka re le fetohile ka ho feletseng. Rea utloisisa joale hore ha ho thata ho thaba. Se hlokahalang feela ke ho tšepahala, ho ba pelo-nolo le ho fana. Ho hlokahala hore re phele tumellanong le litaelo tsa Molimo, re mo rate le ho rata batho, ho kopanyelletsa litho tsa lelapa le bao re sa ba tsebeng.”

O phetha ka ho re: “Bophelo e se e le bo monate le bo thabisang. Re batla ho tsoela pele ho ithuta Bibele le ho e ruta bana ba rōna.”

Re tšepa hore le uena u ka rua molemo pampitšaneng ea Thabela Bophelo ba Lelapa. Re tla thabela le ho u romella buka e maqephe a 192 e nang le sehlooho se reng Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Hore u fumane pampitšana le buka ena, ka kōpo tlatsa setlankane se ka tlaase mona ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Ka kōpo ntlisetseng pampitšana ea Thabela Bophelo ba Lelapa le buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa.

Bontša hore na ka puo efe.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela