Seboka sa Bohlokoa ka ho Fetisisa Selemong
Ha re re mohlomong u ne u e-na le boloetse bo itseng bo sokelang bophelo ba hao. U ne u ka fola haeba u ka buuoa, empa joale litšenyehelo tsa hona li feta hōle seo u ka se khonang. Joale ebe motho e mong o ithaopela ho u thusa ’me a lefelle litšenyehelo tsa ho buuoa ha hao. Na u ne u ke ke ua ananela mpho eo a u fileng eona ea ho pholosa bophelo ba hao?
Bibele e re ruta hore batho ba pele, Adama le Eva, ba ile ba fetisetsa sebe le lefu ho bana bohle ba bona. Ka tsela eo, e mong le e mong oa rōna o tsoetsoe a e-na le boloetse bo sa foleng—’me ha ho le ea mong ho rōna ea ka khonang phekolo. (Pesaleme ea 49:7-9) Leha ho le joalo, Jehova Molimo o fane ka Mora oa hae, Jesu Kreste, hore e be thekollo ho lefella libe tsa rōna. Ka lebaka la mpho ena e pholositseng bophelo ba rōna, re na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng.—Baroma 6:23.
Ka Laboraro la la 16 April, ka mor’a hore letsatsi le likele, Lipaki Tsa Jehova li tla keteka lefu la Jesu. Selemong se fetileng ho ile ha e-ba teng batho ba fetang 15 000 000—bao boholo ba bona e neng e se Lipaki Tsa Jehova. U memeloa hore u be teng selemong sena Sehopotsong sa Lefu la Kreste. Ka sebele ke seboka sa bohlokoa ka ho fetisisa selemong. Ka kōpo botsa Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng sa heno hore na se tla tšoareloa kae, hona ka nako efe.