Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 5/8 leq. 32
  • ‘Bona Naha e Ntle’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Bona Naha e Ntle’
  • Tsoha!—2004
Tsoha!—2004
g04 5/8 leq. 32

‘Bona Naha e Ntle’

Mosali e mong ka mor’a hore a hlahlobe bukana ea ‘Bona Naha e Ntle’ e sa tsoa lokolloa ea limmapa tsa Bibele, o ile a ngola tjena: “Kofuto ena e babatsehang ke sona seo ke neng ke se hloka. Libaka le batho le maemo ka Mangolong joale lia phela ho ’na.”

Bukana ena e maqephe a 36 e mebala-bala e thusa liithuti tsa Lentsoe la Molimo ho bona ka mahlo a kelello litlaleho tsa Bibele. O tsoela pele: “Ho bona phapang pakeng tsa bophahamo ba tempele le ba naha e e potolohileng ka sebele ho etsa hore ke utloisise mangolo a buang ka borapeli bo ‘phahameng’ ba Jehova. Ke thuso e khōlō ho bona ka ho hlaka kamoo metse ea setšabelo e neng e lutse kateng, hammoho le libaka tse ling tsa Mangolo a Seheberu le Segerike. Ke qalile ho sebelisa bukana ena e ratehang ha ke ithuta buka ea Bibele ea Liketso.”

Mosali enoa o phetha ka ho re: “Ke ipona ke sebelisa mpho ena e ntle molebe ha ke ntse ke le leetong la ka la ho bala Lentsoe la Molimo.”

U ka kōpa bukana ena e nang le sehlooho se reng ‘Bona Naha e Ntle,’ ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse bukana ea ‘Bona Naha e Ntle.’

Bontša hore na ka puo efe.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela