Ho Bonahatsa Letsoalo le Letle ho Tlotlisa Molimo
KA MONGOLI OA TSOHA! UKRAINE
HA LELAPA la ha Chibisov, leo e leng Lipaki Tsa Jehova Ukraine, le ne le le tseleng e khutlelang hae le tsoa libokeng tsa Bokreste, le ile la thola sepache se nang le lintho tsa bohlokoa ka hare, ho kopanyelletsa le lengolo la ho khanna, likarete tsa ho reka ka mokitlane le chelete ea moo e ka bang R3 000. Lelapeng lena la batho ba bahlano, ke ntate feela ea sebetsang. Ka khoeli o amohela hoo e ka bang R420. Ka hona, chelete ena e ka be e bile thuso e khōlō ho bona. Ba ile ba etsa’ng?
’Mè oa pheta: “Hang-hang barali ba rōna ba ile ba qala ho tšohla hore na re tla khutlisetsa sepache sena ho mong’a sona joang, eo ha re sheba lengolo la ho khanna, e neng e le mosali. ’Na le monna oa ka re ile ra thaba ha re bona hore bana ba rōna ba bonahatsa letsoalo le koetlisitsoeng hantle. Letsatsing le hlahlamang, ke ile ka letsetsa mosali ea neng a lahlile sepache. A tletse likeleli tsa thabo, Olha o ile a tla ’me a re bolella hore eena le monna oa hae ba na le mabenkele a manyenyane a ’maloa toropong ea habo rōna. Chelete e ka sepacheng e ne e le moputso oa khoeli oa basebetsi ba bona. Ho phaella moo, tokomane e ’ngoe ea lichelete e neng e le ka har’a sepache seo e ne e le ea bohlokoa haholo bakeng sa liak’haonte tsa khoebo ea bona.
“Olha o ile a re botsa hore na re thotse sepache seo hokae. Re ile ra mo bolella hore na re se thotse hokae ra ba ra hlalosa hore re ne re feta moo re tsoa libokeng tsa rōna tsa Bokreste. Ha re mo fa lingoliloeng tsa Bibele, o ile a li amohela ka tlhompho.
“Libeke tse ’maloa hamorao, Paki e ’ngoe ea phuthehong ea rōna e ile ea re bolella hore ha e ntse e fa batho lingoliloeng tsa Bibele seterateng, mosali e mong o ile a bolela hore pele o ne a ke ke a mamela Lipaki Tsa Jehova. Empa hona joale o ne a ikemiselitse ho li mamela esita le ho nka lingoliloeng. O ile a re sena se bakiloe ke hore Lipaki li tholisitse morali oa hae sepache.”
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Lelapa la ha Chibisov