Na Ruri Molimo oa Tsotella?
◼ Batho ba bangata ba bolela hore haeba Molimo o teng, o ne a ke ke a lumella hore batho ba be mahlomoleng a makana. Potso e tloaelehileng eo ba bang ba e botsang ke e reng, “Molimo o ne a le hokae ha re mo hloka?” Ho theosa le histori, ba limilione ba ’nile ba e-ba mahlomoleng a tšabehang, esita le ho shoa ka tsela e sehlōhō.
Ka lehlakoreng le leng, taolo e makatsang le tlhophiso linthong tse phelang e fana ka bopaki bo hlakileng ba hore ho na le ’Mōpi ea tsotellang. Ke hobane’ng ha Molimo ea re tsotellang a lumella mahlomola a tšabehang hakaale? Hore re rapele Molimo ka tsela e nepahetseng, re lokela ho fumana karabo e khotsofatsang potsong ena ea bohlokoa. Re ka e fumana hokae?
Re u mema hore u batle bukana e reng Na Ruri Molimo oa re Tsotella? Re lumela hore ho hlahloba ka hloko sehlooho se reng “Lebaka Leo ka Lona Molimo o Lumelletseng Bohloko” le se reng “Liphello Tsa Bofetoheli e Bile Life?” li tla u fa likarabo tse khotsofatsang.
Hore u iphumanele ea hao, tlatsa setlankane sena ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse bukana ea Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.