Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 9/8 maq. 3-4
  • Bohlokoa ba Tšebelisano Linthong Tsa Tlhaho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bohlokoa ba Tšebelisano Linthong Tsa Tlhaho
  • Tsoha!—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E-ea ho Bohloa
    Tsoha!—1990
  • Likokoanyana Tsa Lero le Monate Limomonyane Tsa Lehoatateng
    Tsoha!—2011
  • Lebotho le Machang!
    Tsoha!—2003
  • Likokoanyana li Tsamaea Joang ka Tsela e Hlophisehileng?
    Na e Entsoe?
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 9/8 maq. 3-4

Bohlokoa ba Tšebelisano Linthong Tsa Tlhaho

Tlhahong, “hore u lule u phela, ho itšetlehile ka ho sebelisana le baahelani ba hao joalokaha ho hlokahala ho hōleng le ho ikatiseng.”—“Liaisons of Life.”

LEOATLE le ne le khutsitse le itse tu! Mokhoathatsanyana feela e ne e le oa linonyana tsa leoatle tse neng li le ngata. Ho tlakela ha tsona ho ne ho bontša hore ho na le ho etsahalang tlaase metsing. Eaba joale ho se ho hlaha lipululana, butle-butle tsa etsa lebili le lesoeu metsing. Nakoana ka mor’a moo, bohareng ba lebili leo ha bitoha lintho tse peli tsa litonanahali tse ntšo. E ne e le maruarua a mabeli a neng a nyoloha tlaase botebong ba leoatle, a ahlamisitse melomo ea ’ona haholo. Ha a fihla ka holimo, a kopetsa mehlahare ea ’ona e meholohali, a butsoella moea ka ntle ka lerata ’me a qoela hape ho pheta se tšoanang.

Maruarua ana a mabeli a ne a sebetsa hammoho ho bokella le ho bobetsa litlhapi tse ngata tsa mofuta oa shrimp. Joalokaha eka a tantšetsa ka tlas’a metsi, maruarua ana a boima ba lithane tse 40 a qoelela ka tlas’a litlhapi tsena ’me a sese a entse sakana la nkope, ka nako e tšoanang a butsoella moea ka metsing. Ketso ena e masene e etsa hore ho be le lipululana tse pota-potang litlhapi tsena joalokaha eka ke letlooa. Joale maruarua a nyoloha a lopalletse feela ka har’a “letlooa” lena ’me ebe a lochetsa liphofu tsena tsa ’ona.

Lithoteng tsa Afrika, litšoene le liphala li atisa ho sebetsa hammoho. Koranta ea Scientific American e re: “Mefuta ena e ’meli ea sebelisana ho hlaba mokhosi.” Hore ebe liphala li khona ho fofonela ntho e sa le hōle ho tlatsana hantle le mahlo a nchocho a litšoene, e leng ho etsang hore ho be thata hore libatana li li atamele li sa bone. Tšebelisano e tšoanang e teng le pakeng tsa limpshe le liqoaha, kaha limpshe li na le mahlo a nchocho ha liqoaha tsona li e-na le litsebe tse lethoethoe.

Ena e mpa e le mehlala e seng mekae feela har’a e mengata-ngata ea ho sebelisana ha lintho tse phelang lefatšeng leo re phelang ho lona. Ka sebele, ho sebelisana ho ka bonoa linthong tsohle tse phelang, ho tloha ho likokoana-hloko ho ea ho batho le pakeng tsa mefuta e tšoanang le e sa tšoaneng. Lilemong tse likete tse fetileng, Morena Solomone, eo e neng e le seithuti sa lintho tsa tlhaho, o ile a hlokomela bohloa bo tlaasana. O ile a ngola: “E-ea ho bohloa, uena ea botsoa; bona litsela tsa bona ’me u hlalefe. Le hoja bo se na molaoli, motsamaisi kapa ’musi, bo lokisa lijo tsa bona lehlabula; bo bokeletse phepelo ea bona ea lijo ha ho kotuloa.”—Liproverbia 6:6-8.

Bohloa ke mohlala oa tšebelisano, mafolofolo le taolo, hangata bo sebetsa hammoho ho isa lintho tse khōlō ho bo feta seolong sa bona. Bohloa bo bong bo ee bo thuse bo bong bo tsoileng kotsi kapa bo khathetseng hore bo khutlele seolong sa bona. Ka lebaka la litšobotsi tsena, ha ho makatse hore ebe Solomone o ile a khetha bohloa e le mohlala oo re ka o etsisang.

Lihloohong tse latelang, re tla bona kamoo tšebelisano e leng ea bohlokoa kateng linthong tsa tlhaho, tse etsang hore bophelo, ho akarelletsa le ba batho bo be monate. Hape re tla ithuta ka seabo se sebe sa batho sa ho senya lefatše la tlhaho, ho le silafatsa le ho felisa libōpuoa tse holim’a lona. Na ’Mōpi o tla lumella mokhoa oo hore o tsoele pele ka ho sa feleng?

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Ka holimo: Litšoene le liphala lia sebelisana tabeng ea ho hlaba mokhosi

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Bohloa ke mohlala oa tšebelisano

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Tšebelisano e teng pakeng tsa limpshe ka mahlo a tsona a nchocho le liqoaha ka litsebe tsa tsona tse lethoethoe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela