Bacha Baa Botsa
Nka Sebetsana Joang le Mathata a ho Kula?
LIPROVERBIA 20:29 e re: “Khanya ea ba bacha ke matla a bona.” (Bibele ea Sesotho) Haeba ua kula kapa u holofetse, u ka ’na ua nahana hore lengolo leo le ke ke la sebetsa ho uena le ka mohla. Empa le ka sebetsa! Ha e le hantle, bacha ba bangata ba holofetseng kapa ba nang le maloetse a sa foleng ba hlōtse litšitiso tse khōlō tseo ba tobaneng le tsona. Tsoha! e buisane le ba bane ba bacha ba joalo.
Hiroki ea lulang Japane, o hlahile a e-na le cerebral palsy, lefu le amanang le ho lemala bokong. O re: “Molala oa ka o lula o kebesela, ’me ke sitoa ho laola matsoho. Ke itšetlehile ka thuso ea ba bang ka ho feletseng.”
Natalie le khaitseli ea hae James, ba Afrika Boroa, ba hlahile ba le bakhutšoaane ka tsela e sa tloaelehang. Natalie o boetse o lekhutla ka lebaka la bothata ba lesapo la mokokotlo. O re: “Ke se ke buuoe ka makhetlo a mane lesapong la mokokotlo, ’me kaha ke kotlobane, matšoafo a ka aa fokola.”
Ha Timothy oa Brithani a le lilemo li 17, ho ile ha fumanoa hore o na le lefu la mokhathala o sa feleng. O re: “Ke ne ke ntse ke phela hantle ke bile ke le mafolofolo, empa ha hoa nka le likhoeli tse peli hore ke be ke se ke kula ke bile ke fokola hoo maoto a ka a neng a sitoa ho ntjara.”
Ha Danielle oa Australia a ne a le lilemo li 19, ho ile ha fumanoa hore o tšoeroe ke lefu la tsoekere. O re: “Kaha motho ea nang le lefu la tsoekere ha a bonahale, batho ba bang ha ba hlokomele hore na le kotsi hakae. ’Nete ke hore lefu la tsoekere le ka mpolaea.”
Haeba u tšoeroe ke lefu le itseng kapa u holofetse, ha ho pelaelo hore u tla khothatsoa ke mantsoe a Hiroki, Natalie, Timothy le Danielle. Haeba u sa kule, mantsoe a bona a ka ’na a u thusa hore u utloisise haholoanyane boemo ba ba holofetseng kapa ba kulang.
Tsoha!: Ke eng e u thatafallang haholo ka lebaka la boemo bona ba hao?
Natalie: ’Na ntho e nthatafallang ke tsela eo batho ba itšoarang ka eona ha ba mpona. Ke lula ke sa phutholoha. Ke utloa eka batho ba nchebile nako ena kaofela.
Danielle: Bothata bo boholo ba lefu la tsoekere ke hore ke lokela ho tseba hore na ke ja eng, ke ja hakae le hore na ke lijo life tseo ke lokelang ho li fokotsa. Haeba ke sa je hantle, nka ’na ka felloa ke tsoekere maling, ’me seo se ka etsa hore ke ilibane nako e telele.
Hiroki: Ke etselitsoe setulo se khethehileng sa batho ba holofetseng, ’me ke qeta lihora tse ka bang 15 ka letsatsi ke lutse nģa e le ’ngoe. Hape ke sitoa ho robala. Ke tsosoa le ke lerata le lenyenyane haholo.
Timothy: Qalong ke ne ke thatafalloa le ke ho lumela feela hore kea kula. Ke ne ke soabisoa ke boemo ba ka.
Tsoha!: Ke mathata afe a mang ao u tobanang le ’ona?
Danielle: Lefu la tsoekere le etsa hore ke khathale haholo. Ke lokela ho robala nako e telele ho feta lithaka tsa ka. Hape lefu la tsoekere ha le fole.
Natalie: Ho hlakile hore bokhutšoaane ba ka ke bothata. Ke thatafalloa ke ho etsa lintho tse tloaelehileng—tse kang ho nanabela lintho shelefong ha ke le lebenkeleng. Ke sokola haholo ha ke ile mabenkeleng ke le mong.
Timothy: Ke lokela ho mamella mahlaba a sa eeng moriting, hammoho le ho sithabela maikutlong nako le nako. Pele ke kula, ke ne ke le motho ea mafolofolo haholo. Ke ne ke sebetsa ’me ke e-na le lengolo la ho khanna. Ke ne ke bapala lipapali tse kang bolo ea maoto le squash. Hona joale ke lula setulong sa ba holofetseng.
Hiroki: Ke na le bothata ba ho bua. Sena sea ’nyahamisa ’me se etsa hore ke be leqe ho buisana le ba bang. Ka linako tse ling letsoho la ka lea itsamaisa ’me ke otle motho ka phoso. Ha sena se etsahala, ke sitoa le ho re “ke kōpa tšoarelo,” ka lebaka la bothata ba ho bua.
Tsoha!: U thusitsoe ke eng hore u sebetsane hantle le boemo bona ba hao?
Danielle: Ke leka ho lula ke nahana ka lintho tse nthabisang bophelong. Lelapa leso ke la batho ba molemo haholo, ke na le metsoalle e lerato ka phuthehong ’me ka holim’a tsohle, Jehova Molimo o ntšehelitse. Hape ke leka ho tseba boitsebiso ba morao-rao ba hore na lefu la tsoekere le ka hlokomeloa joang. Ke jara boikarabelo ka bophelo ba ka ’me ke etsa sohle se matleng a ka ho itlhokomela.
Natalie: Ke matlafatsoa ke thapelo. Ke leka ho sebetsana le bothata bo le bong ka nako. Ho lula ke phathahane ho etsa hore ke se ke ka lula ke nahana ka lintho tse ’nyahamisang. Hape ke na le batsoali ba babatsehang bao nka ba phetlelang sefuba.
Timothy: Letsatsi le leng le le leng ke etsa mosebetsi o itseng o amanang le lintho tsa moea, esita le haeba e le ka nako e khutšoanyane. Ka mohlala, hoseng ho hong le ho hong ke qala ka ho bala temana ea letsatsi. Thuto ea botho ea Bibele le thapelo ke tsa bohlokoa haholo ho ’na, haholo-holo nakong eo ke sithabetseng maikutlo.
Hiroki: Ke leka ho se tšoenyehe ka lintho tseo nke keng ka li fetola. Seo ke tšenyo ea nako. Ho e-na le hoo, ke etsa sohle se matleng a ka ho ikaha moeeng, ’me ha ke behe bokuli e le lebaka la ho se bale Bibele. Ha ke sitoa ho robala, ke nka seo e le monyetla oa ho rapela.—Bona Baroma 12:12.
Tsoha!: Ba bang ba u khothalitse joang?
Hiroki: Baholo ba lula ba mpabatsa ka se senyenyane seo ke se etsang. Bara le barali beso phuthehong le bona ba ea le ’na maetong a bona a ho boela le lithutong tsa Bibele.—Bona Baroma 12:10.
Danielle: Ntho e nkamang maikutlo haholo ke ha bara le barali beso phuthehong ba mpabatsa ho tsoa pelong. Seo se etsa hore ke ikutloe ke ratoa ’me se nkhothalletsa hore ke tsoele pele.
Timothy: Ho na le morali’eso ea seng a hōlile eo kamehla a etsang boiteko bo khethehileng ba ho bua le ’na libokeng. Baholo le basali ba bona le bona ba ’nile ba nkhothatsa le ho mpha likeletso tse molemo. Moholo e mong ea lilemo li 84 o nthusitse hore ke ipehele lipakane tseo nka li finyellang. Mohlanka e mong ea sebeletsang o nkōpile hore ke sebetse le eena tšebeletsong ea tšimo, ’me a lokisetsa hore re sebetse sebakeng se motsitsa moo setulo sa ka sa ba holofetseng se ka tsamaeang habonolo.—Pesaleme ea 55:22.
Natalie: Hang ha ke kena ka Holong ea ’Muso, bara le barali beso ba moea ba ntumelisa ka pososelo e botsoalle. Ba hōlileng ba lula ba nkhothatsa, ho sa tsotellehe mathata ao ba tobaneng le ’ona.—Bona 2 Bakorinthe 4:16, 17.
Tsoha!: Ke eng e u thusang hore u lule u e-na le boikutlo bo botle?
Hiroki: Joaloka e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ke kopanela le mokhatlo o hlophisitsoeng oa batho ba nang le tšepo e thabisang. Ho tseba hore ke karolo ea mokhatlo ona, ho nthusa hore ke lule ke e-na le boikutlo bo botle.—Bona 2 Likronike 15:7.
Danielle: Ke nahana ka tokelo eo ke nang le eona ea hore ebe ke utloisisa morero oa Molimo. Ho na le batho ba sa kuleng empa ha ba na thabo eo ke nang le eona bophelong.—Bona Liproverbia 15:15.
Natalie: Ke hlokometse hore ke habohlokoa ho tloaelana le batho ba nang le boikutlo bo botle. Hape hoa khothatsa ho bala ka liphihlelo tsa ba bang ba sebeletsang Jehova ho sa tsotellehe liteko tseo ba talimaneng le tsona. Ha ke ea Holong ea ’Muso, kamehla kea tseba hore ke tla tla ke matlafetse ke bile ke hopolitsoe ka tokelo e khōlō eo ke nang le eona ea ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova.—Bona Baheberu 10:24, 25.
Timothy: Ho ea ka 1 Bakorinthe 10:13, Jehova a ke ke a re lumella hore re hlaheloe ke liteko tseo re ke keng ra khona ho li jara. Ke ipoleletse hore haeba ’Mōpi o kholisehile hore nka sebetsana le boemo bona, ke tla fela ke sebetsane le bona ka katleho.
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
SEO U KA NAHANANG KA SONA
◼ Ka bobeli Hiroki le Timothy ba sebelisa litulo tsa ba holofetseng. Haeba u boemong bo tšoanang le ba bona, mantsoe a bona a ka u thusa joang hore u be le boikutlo bo botle?
◼ Danielle o re, “kaha motho ea nang le lefu la tsoekere ha a bonahale, batho ba bang ha ba hlokomele hore na le kotsi hakae.” Na le uena u tšoeroe ke lefu le sa ‘bonahaleng’? Haeba ho joalo, u ka ithuta eng mantsoeng a Danielle?
◼ Natalie o re ntho e ’ngoe e mo thatafallang haholo ke tsela eo batho ba itšoarang ka eona ha ba mo bona. U ka etsa’ng hore motho ea boemong bo tšoanang le ba Natalie a phutholohe? Haeba u ikutloa ka tsela e tšoanang le ea Natalie ka lebaka la lefu le u tšoereng kapa kholofalo eo u nang le eona, u ka etsisa boikutlo ba hae bo botle joang?
◼ Ka tlaase mona ngola mabitso a batho bao u ba tsebang ba holofetseng kapa ba tšoeroeng ke lefu le sa foleng.
․․․․․
◼ U ka khothatsa batho baa ka ho etsa eng?
․․․․․
[Lebokose leqepheng la 27]
Matšeliso ao Bibele e Fanang ka ’Ona
◼ Jesu o na le kutloelo-bohloko ea sebele ho ba kulang.—Mareka 1:41.
◼ Ha Jesu a ne a “phekola lefu la mofuta o mong le o mong le mefokolo ea mofuta o mong le o mong,” o ne a bontša hore tlas’a ’Muso oa Molimo, batho ba tla phekoloa.—Matheu 4:23.
◼ Lefatšeng le lecha la Molimo, “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula,’” ’me bohloko bo ke ke ba hlola bo e-ba teng.—Esaia 33:24; Tšenolo 21:1-4.
◼ Esita le lefu le tla “etsoa lefeela.”—1 Bakorinthe 15:25, 26.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Hiroki, 23 Japane
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Natalie, 20 Afrika Boroa
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Timothy, 20 Brithani
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Danielle, 24 Australia