Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/11 leq. 32
  • “Ke Ile ka Lla ha ke e Bala”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke Ile ka Lla ha ke e Bala”
  • Tsoha!—2011
Tsoha!—2011
g 1/11 leq. 32

“Ke Ile ka Lla ha ke e Bala”

● Mantsoe ana a ka holimo a ngotsoe ke mosali e mong oa Illinois, U.S.A., ha a bua ka buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Lengolong leo a neng a le ngolletse bahatisi ba buka ena o ile a hlalosa: “Ke lakatsa eka batho ba bang ba bangata le bona ba ka thabela ho bala tlaleho e buang ka Jesu ’me ke rapella seo.”

Buka ea Motho e Moholo e tlaleha ka bophelo ba Jesu ho ea ka litlaleho tse bululetsoeng tse ngotsoeng ke bangoli ba bane ba mehleng ea hae, e leng Matheu, Mareka, Luka le Johanne. Matheu le Johanne e ne e le baapostola ba Jesu ’me ba tsamaea le eena. Mareka e ne e le motsoalle e moholo oa Petrose, e mong oa baapostola ba Jesu. ’Me ngaka Luka o ne a tsamaea le moapostola Pauluse.

Haeba u ka rata ho fumana buka ena e nang le litšoantšo tse ngata u sa e lefelle, ka kōpo tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse buka e bontšitsoeng mona.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela