Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/11 leq. 32
  • Ha ba Banyenyane Haholo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha ba Banyenyane Haholo
  • Tsoha!—2011
Tsoha!—2011
g 2/11 leq. 32

Ha ba Banyenyane Haholo

● Ke seo ’mè e mong oa California, U.S.A. a ileng a se ngola ha a bua ka taba e ’ngoe e tšohliloeng bukeng ea Ithute ho Mosuoe e Moholo. O re: “Bekeng e fetileng ha mora oa rōna Javan ea lilemo li tharo a ile ngakeng ea bana, ngaka eo e ile ea mpotsa hore na ebe ’na le monna oa ka re buisane le Javan ka hore na a ka sireletsa litho tsa hae tsa botho joang. Ke ile ka thabela ho mo bolella ka buka ea Mosuoe e hlalosang hore ho fosahetse hore motho leha e le ofe a bapale ka litho tsa motho e mong tsa botho. Ngaka eo e ile ea khahloa haholo ke hore re buisane le eena ka taba ena.”

’Mè eo o ile a phaella ka hore: “Lintlha tsena li tšohliloe ka tsela e babatsehang bukeng eo.” O ne a bua ka khaolo e nang le sehlooho se reng “Kamoo Jesu a Ileng a Sireletsoa Kateng.” E bontša kamoo Ntate oa Jesu oa leholimo a ileng a sireletsa Mora oa hae kateng ho Morena Heroda ea khopo, ha Jesu a ne a sa le monyenyane haholo hore a ka itšireletsa. (Matheu 2:7-23) Buka ena e bontša kamoo esita le bana ba banyenyane ba ka rutoang ho itšireletsa kateng haeba motho e mong a leka ho ba hlekahleka.

U ka kōpa buka ena e maqephe a 256 e nang le litšoantšo tse ntle, eo maqephe a eona a lekanang le a makasine ena ka boholo. Tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse buka e bontšitsoeng mona.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela