Na U Tseba Molaetsa oa Bibele?
● Bibele ke buka e ajoang ka ho fetisisa. Batho ba litso tsohle ba hlokometse hore e na le molaetsa o tšelisang le o fanang ka tšepo le hore e fana ka keletso e ka thusang batho bophelong ba letsatsi le letsatsi. Empa batho ba bangata ha ba tsebe hakaalo ka buka ena e hlollang.
Bukana e thahasellisang ebileng e nang le litšoantšo tse ntle, e nang le sehlooho se reng, Bibele—E na le Molaetsa Ofe? e ka u thusa hore u utloisise Bibele. Likarolo tsa eona tse peli tse qalang li hlalosa kamoo tšimolohong Molimo a neng a lokiselitse kateng hore batho ba phele paradeiseng le kamoo lintho li ileng tsa senyeha kateng. Re boetse re ithuta hore ’Mōpi o rerile ho sebelisa ’Muso oa Molimo, e leng puso ea leholimo e matsohong a Jesu Kreste, ho tsosolosa Paradeise eo.
Likarolo tse latelang li bua ka Jesu—tšebeletso ea hae, mehlolo eo a ileng a e etsa, lefu le tsoho ea hae. E boetse e bua ka balateli ba sebete ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo le ka mangolo a bululetsoeng ao ba a ngotseng, ao e leng karolo ea Bibele eo re e tsebang.
Ka ho loketseng, karolo ea ho qetela ho tse 26 bukaneng ena, e na le sehlooho se reng “Lefatše e Boela e ba Paradeise!” ’Me leqephe le latelang leo le na le litšoantšo tse mebala-bala tlas’a sehlooho se reng “Molaetsa oa Bibele—Ka Bokhutšoanyane.” Moo ho fanoe ka kakaretso ea lintho tse supileng tse ka sehloohong tse amehang ho phethahaleng ha morero oa Molimo ka moloko oa batho.
U ka kōpa bukana ena e maqephe a 32 ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse bukana e bontšitsoeng mona.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.