‘E Bonolo Empa Lithuto Tsa Eona ke Tsa Bohlokoa’
● Ke kamoo ’mali e mong oa Nebraska, U.S.A., a hlalositseng kateng buka e ’ngoe eo a sa tsoa e bala. O ile a ngola a re: “Ke monna oa lesoha ea lilemo li 56 ’me ke sa tsoa qeta ho bala buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo. Li sa tloha feela, ke ile ka qala ho tsota tsela e bohlale le e bontšang lerato eo le ngotseng buka ena ka eona, e bonolo empa e jere lithuto tsa bohlokoa.” O ile a phaella ka hore: “E na le lipapiso tse ntle haholo. Ke nahana hore haeba ke ne ke le ntate kapa ntate-moholo, ke ne ke tla thusa bana ba ka ba banyenyane hore ba qete nako ba e bala le ho sheba litšoantšo tse ho eona.”
Mosali e mong ea lulang Georgia, U.S.A., o ile a ngola tjena mabapi le buka eo: “Ngoana oa Ausi ea lilemo li tšeletseng, e leng Avery, o ile a nka buka ena ha a ea sekolong e le hore a il’o e bontša liithuti-’moho le eena tse sehlopheng sa pele. Ha Avery a qeta ho balla liithuti-’moho le eena thuto e itseng bukeng eo, tichere e ile ea khahloa hoo e ileng ea lokisetsa hore Avery a bale thuto e le ’ngoe ho tsoa ho eona letsatsi le letsatsi.” ’Mangoane oa hae o phaella ka hore, “Ka sebele, liithuti-’moho le eena le tichere ea hae ba ile ba fumana bopaki bo babatsehang!”
U ka kōpa buka ena e maqephe a 256 e nang le litšoantšo tse ntle, eo maqephe a eona a lekanang le a makasine ena ka boholo. Tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse buka e bontšitsoeng mona.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Ke hobane’ng ha Mosamaria e ne e le moahelani ea molemo?