Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 66
  • Jezebele—Mofumahali ea Khopo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jezebele—Mofumahali ea Khopo
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mofumahali ea Khopo o Fuoa Kotlo
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Ena ke Nako ea ho Etsa Qeto
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • O Ile a Mamella ha a ne a Tšoaroa ka ho Hloka Toka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Na U Etsisa Jehova ka Hore U Sebetse Lintho ka Toka?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 66

PALE EA 66

Jezebele—Mofumahali ea Khopo

KA MOR’A hore Morena Jeroboame a shoe, marena ’ohle a busang ’muso oa Iseraele oa meloko e 10 e ba a mabe. Morena Akabe ke ea mobe ho ba feta kaofela. Na u tseba lebaka? Haholo-holo ke ka lebaka la mosali oa hae, Mofumahali Jezebele ea khopo.

Jezebele hase Moiseraele. Ke morali oa morena oa Sidone. O rapela Baale molimo oa bohata, ’me o etsa hore Akabe le Baiseraele ba bangata le bona ba rapele Baale. Jezebele o hloile Jehova, ’me o bolaea baprofeta ba hae ba bangata. Ba bang ba tlameha ho ipata mahaheng e le hore ba se ke ba bolaoa. Haeba Jezebele a batla ntho e itseng, a ka ba a bolaea motho hore a e fumane.

Ka letsatsi le leng Morena Akabe o utloile bohloko haholo. Joale Jezebele oa mo botsa: ‘U utloisitsoe bohloko ke’ng kajeno?’

Akabe oa araba: ‘Ke ka lebaka la seo Nabothe a se buileng ho ’na. Ke ne ke batla ho reka tšimo ea hae ea morara. Empa a mpolella hore nke ke ka e fumana.’

Jezebele o re: ‘U se ke ua tšoenyeha. Ke tla u fumanela eona.’

Kahoo Jezebele o ngolla banna ba bang ba baholo ba motseng oo Nabothe a lulang teng. O re ho bona: ‘Fumanang banna ba se nang molemo ’me ba bolele hore Nabothe o rohakile Molimo le morena. Ebe joale le ntšetsa Nabothe ka ntle ho motse, le mo tlepetse ka majoe ho fihlela a e-shoa.’

Hang ha Jezebele a utloa hore Nabothe o shoele, o re ho Akabe: ‘Joale tsamaea u nke tšimo ea hae ea morara.’ Na ha u lumele hore Jezebele o lokela ho otloa ka lebaka la ho etsa ntho e tšabehang joalo?

Kahoo, hamorao Jehova o romela Jehu ho ea mo otla. Ha Jezebele a utloa hore Jehu oa tla, o itlotsa mahlong ka litlolo o leka ho itokisa hore a be motle. Empa ha Jehu a tla ’me a bona Jezebele ka fensetere, o hoeletsa banna ba ka tlung ea borena o re: ‘Mo liheleng fatše!’ Banna bao baa mo lihela joalokaha u bona setšoantšong sena. Ba mo lihela fatše ’me oa shoa. Eaba ho felile ka Mofumahali Jezebele ea khopo.

1 Marena 16:29-33; 18:1-4; 21:1-16; 2 Marena 9:30-37.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela