Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 72
  • Molimo o Thusa Morena Ezekiase

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o Thusa Morena Ezekiase
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tumelo ea Morena ea Putsoa
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
  • O re Hlomphile ka ho re fa Tokelo ea Hore re Ikhethele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Mohlala o Motle oa Ezekiase
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Se Emeloang ke Balisa ba Supileng le Babusisi ba Robeli Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 72

PALE EA 72

Molimo o Thusa Morena Ezekiase

NA U tseba lebaka la hore monna eo a rapele Jehova? Ke hobane’ng ha a behile mangolo aa ka pel’a aletare ea Jehova? Monna enoa ke Ezekiase. Ke morena oa meloko e ’meli e ka boroa ea Iseraele. ’Me o tsietsing e khōlō. Hobane’ng?

Hobane mabotho a Assyria a se a timelitse meloko e 10 e ka leboea. Jehova o lumeletse hore seo se etsahale hobane batho bao ba ne ba le babe haholo. Joale mabotho a Assyria a tl’o loantša ’muso oa meloko e ’meli.

Morena oa Assyria o sa tsoa romella Morena Ezekiase mangolo. Ana ke ’ona mangolo ao Ezekiase a a behileng ka pel’a Molimo. Mangolo ana a soma Jehova ’me a re Ezekiase a inehele. Ke ka lebaka leo Ezekiase a rapelang a re: ‘Oho Jehova, re pholose ho morena oa Assyria. Joale lichaba tsohle li tla tseba hore ke uena feela Molimo.’ Na Jehova o tla mamela Ezekiase?

Ezekiase ke morena ea molemo. Ha a tšoane le marena a mabe a ’muso oa meloko e 10 ea Iseraele, ebile ha a tšoane le ntate oa hae ea mobe, Morena Akaze. Ezekiase o bile hlokolosi ho mamela melao eohle ea Jehova. Kahoo, ha Ezekiase a qeta ho rapela, moprofeta Esaia o mo romela molaetsa ona o tsoang ho Jehova: ‘Morena oa Assyria a ke ke a kena Jerusalema. Ha ho le le leng la masole a hae le tla atamela ho eona. A ke ke a betsa motse ka motsu le o mong feela.’

Sheba setšoantšo se leqepheng lena. Na ua tseba hore masole aa a shoeleng kaofela ke bo-mang? Ke Baassyria. Jehova o rometse lengeloi la hae, ’me ka bosiu bo le bong feela lengeloi leo la bolaea masole a Assyria a 185 000. Kahoo morena oa Assyria oa tela ’me o khutlela hae.

’Muso oa meloko e ’meli oa pholosoa, ’me batho ba lula ka khotso ka nakoana. Empa ka mor’a hore Ezekiase a shoe, mora oa hae Manase e ba morena. Manase le mor’a hae ea ileng a mo hlahlama, Amone ka bobeli ke marena a mabe haholo. Kahoo naha e boetse e tlala bokebekoa le mabifi. Ha Morena Amone a bolaoa ke bahlanka ba hae, mor’a hae Josiase o etsoa morena oa ’muso oa meloko e ’meli.

2 Marena 18:1-36; 19:1-37; 21:1-25.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela