Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 75
  • Bashemane ba Bane Babylona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bashemane ba Bane Babylona
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bashanyana ba Bane ba Ileng ba Mamela Jehova
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Ba Lekiloe—Empa ba Tšepahetse ho Jehova!
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Tumelo ea Bona e Ile ea Pholoha Liteko Tse Matla
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Daniele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 75

PALE EA 75

Bashemane ba Bane Babylona

MORENA Nebukadnezare o isa Baiseraele bohle ba rutehileng Babylona. Ka mor’a moo, morena o khetha bahlankana ba batle le ba bohlale ka ho fetisisa har’a bona. Ba bane ho bona ke bashemane bao u ba bonang mona. E mong ke Daniele, Bababylona ba reha ba bang ba bararo Shadrake, Meshake le Abednego.

Nebukadnezare o rera ho ruta bahlankana bana ho sebetsa ntlong ea hae ea borena. Ha ba rutiloe ka lilemo tse tharo o tla khetha ba bohlale ka ho fetisisa feela hore ba mo thuse ho rarolla mathata. Morena o batla hore ha bashemane bao ba ntse ba rutoa ba be matla, ’me ba phele hantle ’meleng. Joale o laela bahlanka ba hae hore ba ba fepe lijo tse manoni le veine tse tšoanang le tsa hae le tsa lelapa la hae.

Bona mohlankana Daniele. Na u tseba seo a se bolellang Ashpenaze, mohlanka e moholo oa Nebukadnezare? Daniele o re ha a batle ho ja limenyemenye tse tsoang tafoleng ea morena. Empa Ashpenaze o tšoenyehile. O re: ‘Morena o laetse hore na le je eng le ho noa eng. Joale ha le sa shebahale le phetse hantle joaloka bahlankana ba bang, a ka mpolaea.’

Joale Daniele o ea ho molebeli eo Ashpenaze a mo behileng hore a mo hlokomele hammoho le metsoalle ea hae e meraro. O re: ‘Re kōpa u re leke ka matsatsi a 10. U re fe meroho re je le metsi re noe. Ebe u re bapisa le bahlankana ba jang lijo tsa morena, u bone hore na ba batle ke bafe.’

Molebeli o lumela ho etsa joalo. Ha matsatsi a leshome a fetile, Daniele le metsoalle ea hae e meraro ba shebahala ba phetse hantle ho feta bahlankana ba bang kaofela. Joale molebeli o ba lumella ho tsoela pele ba e-ja meroho eseng lijo tsa morena.

Ha lilemo tse tharo li fela, bahlankana bohle ba isoa ho Nebukadnezare. Ka mor’a hore a buisane le bona kaofela, morena o fumana hore Daniele le metsoalle ea hae e meraro ke bona ba bohlale ka ho fetisisa. Kahoo o re ba mo thuse ntlong ea borena. Neng le neng ha morena a botsa Daniele, Shadrake, Meshake le Abednego lipotso kapa a ba fa bothata bo itseng, ba na le tsebo e fetang ea baprista ba hae kapa banna ba bohlale ka makhetlo a 10.

Daniele 1:1-21.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela