Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 105
  • Ba Letile Jerusalema

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Letile Jerusalema
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Barutuoa ba Fuoa Moea o Halalelang
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Batho ba Makholo ba Bona Jesu Pele ho Pentekonta
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • O Bonahala ka Makhetlo a ho Qetela, le Pentekonta ea 33 C.E.
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Iponahatsa ka Makhetlo a ho Qetela, le Pentekonta ea 33 C.E.
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 105

PALE EA 105

Ba Letile Jerusalema

BATHO bana ke balateli ba Jesu. Ba mametse taelo ea hae ’me ba lutse Jerusalema. Ha ba ntse ba letile hammoho, lerata le leholo le tlala ntlo eohle. Le utloahala joaloka moea o fokang ka matla. Joale maleme a mollo a qala ho bonahala lihloohong tsa barutuoa kaofela. Na u bona mollo o holim’a bona kaofela? See sohle se bolela’ng?

Ke mohlolo! Jesu o khutletse leholimong ho Ntate oa hae, ’me o tšollela balateli ba hae moea o halalelang oa Molimo. Na ua tseba hore moea oo o ba bakela ho etsa’ng? Kaofela ba qala ho bua ka lipuo tse sa tšoaneng.

Batho ba bangata Jerusalema ba utloa lerata lena le kang moea o matla, ’me ba tl’o bona se etsahalang. Batho ba bang ke ba tsoang lichabeng tse ling ba tlileng moketeng oa Baiseraele oa Pentekonta. Baeti baa ba makala hakaakang! Ba utloa barutuoa ba bua ka lipuo tsa bona lintho tse hlollang tseo Molimo a li entseng.

Baeti bao ba re: ‘Batho bana kaofela ba tsoa Galilea. Joale ho tla joang hore ba bue ka lipuo tsee tse sa tšoaneng tsa linaha tseo re tsoang ho tsona?’

Joale Petrose oa ema hore a ba hlalosetse. O bua ka lentsoe le phahameng, ’me o bolella batho kamoo Jesu a ileng a bolaoa le hore Jehova o mo tsositse bafung. Petrose o re: ‘Joale Jesu o leholimong ka letsohong le letona la Molimo. ’Me o tšolotse moea o halalelang oo a o tšepisitseng. Ke ka lebaka leo le boneng mehlolo ena le ho e utloa.’

Ha Petrose a bua lintho tsena, batho ba bangata ba utloa bohloko ka seo Jesu a se entsoeng. Baa botsa: ‘Re lokela ho etsa’ng?’ Petrose o re ho bona: ‘Le lokela ho fetola bophelo ba lōna ’me le kolobetsoe.’ Kahoo, letsatsing lona leo batho ba ka bang 3 000 baa kolobetsoa ’me ba fetoha balateli ba Jesu.

Liketso 2:1-47.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela