Pina ea 152
Ho Ananela Lereko la Molimo
1. Oh bohlale ba Molimo
Bo boholo boa makatsa!
Tsela tsa oona kaofela
Ha ho ea tla li tseba.
Ke mang ea ka’o eletsang he,
Kapa a o fa tsebo
Hore a tl’a tšoanelehe
Ho fumana moputso?
2. A re leboneng ka tieo
Mehauhelo ea Jehova
’Me re’ineheleng kaofela
Ho Molimo oa toka.
Ha re se re inehetse
Re lule re tšepeha,
Re nahane tse molemo
Ka kelello tsa rōna.
3. Re se tšoane le lefatše,
Re nchafatse likelello.
Ka ho’ithuta Lentsoe la Jah
Re boloke tumelo.
Re tla putsoa ke Jehova
Ha re tiisetsa ’neteng.
O tla re fa khotso’a ’nete
Le thabo tse sa feleng.