“U Tsoele Pele Linthong Tseo U Ileng Ua Ithuta Tsona”
Ke seo moapostola Pauluse a ileng a se ngolla mohlankana Timothea. (2 Timothea 3:14) Ha u se u qetile ho bala buka ena, u tseba lintho tse ngata tse molemo tseo Molimo a li boloketseng ba mo ratang. Empa ho hlokahala hore u tsoele pele moeeng. Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa, haeba ha u e-s’o fumane thuso eo. Ngolla Lipaki Tsa Jehova atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng ka tlaase, u kōpe boitsebiso bo eketsehileng kapa hore e mong oa Lipaki Tsa Jehova a tle lapeng ha hao, ho tla ithuta Bibele le uena kamehla, ntle ho tefiso.