Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
LEFATŠE LA KAJENO le tletse mathata a mangata. Manyalo aa qhalana. Pefo ea ka lapeng e atile. Ba makholo a limilione baa lapa. Tlōlo ea molao ke kobo-anela. Ho thata ho finyella khotso le tšireletseho. Ke hobane’ng ha lefatše le le tjee? Na ho na le tharollo leha e le efe? Bibele ha e fane feela ka karabelo lipotsong tsena empa e boetse e fana ka tataiso bophelong ba letsatsi le letsatsi. Ka hona, na ha rea lokela ho thahasella seo Bibele e se buang?
Batho ba bang ba lumela hore Bibele e mpa feela e le pokello ea litšōmo, likhopolo-taba le bohlale ba batho ba khale. Leha ho le joalo, ba bang ba lumela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. Pono e nepahetseng ke efe? Buka ena, Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, e tla u thusa ho araba potso eo. Re u mema hore u itlhahlobele linnete ka bouena. Mohlomong ho etsa joalo ho ka fetola bophelo ba hao ka ho sa feleng.