Letsatsi la Tsoalo
Tlhaloso: Letsatsi leo motho a tsoetsoeng ka lona kapa letsatsi le hopotsang letsatsi leo. Libakeng tse ling, letsatsi le hopotsang ka tsoalo ea motho, haholo ea ngoana, le ketekoa ka moketjana le ka ho fana ka limpho. Hase mokhoa oa Bibele.
Na moo Bibele e buang ka mekete ea matsatsi a tsoalo e e hlahisa hantle? Bibele e bua ka makhetlo a mabeli feela ka mekete e joalo:
Gen. 40:20-22: “Eare ka tsatsi la boraro, tsatsi la ho tsoaloa ha Faro, a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete . . . a busetsa molaoli oa baqhatsetsi ho qhatsetseng ha hae . . . ’me a fanyeha molaoli oa baapeheli.”
Matt. 14:6-10: “Moketeng oa tsatsi la tsoalo ea Heroda, morali oa Herodiase a etsa chao pontšeng ea bohle, a khahlisa Heroda. Eaba o mo hlapanyetsa ka kano, a re, o tla mo nea ntho eo a ka e qelang, leha e ka ba eng le eng. Moroetsana ha a laetsoe ke ’m’ae a re: ’Nee hona joale hloho ea Johanne Mokolobetsi ka mokeke. . . . A romela ho khaola Johanne hloho teronkong.”
Sohle se ka Bibeleng se teng ka lebaka. (2 Tim. 3:16, 17) Lipaki tsa Jehova li hlokomela hore Lentsoe la Molimo le tlaleha mekete ea matsatsi a tsoalo ka mokhoa o seng motle ’me ka hona lia e qoba.
Bakreste ba pele le Bajode ba mehleng ea Bibele ba ne ba talima mekete ea matsatsi a tsoalo joang?
“Mokhoa oa mokete oa letsatsi la tsoalo o ne o le hole le maikutlo a Bakreste ba nako ena ka kakaretso.”—The History of the Christian Religion and Church, During the Three First Centuries (New York, 1848), Augustus Neander (e fetoletsoeng ke Henry John Rose), leq. 190.
“Baheberu ba morao ba ne ba talima ho ketekoa hoa matsatsi a tsoalo e le karolo ea ho rapela litšoantšo, pono eo ntle ho pelaelo e neng e ka tiisoa haholo ke seo ba neng ba se bona polokong e tloaelehileng e neng e amana le matsatsi ana.”—The Imperial Bible-Dictionary (London, 1874), e hlophisitsoeng ke Patrick Fairbairn, Moq. I, leq. 225.
Mekhoa e ratehang e amanang le mekete ea matsatsi a tsoalo e simolohile hokae?
“Mekhoa e sa tšoaneng eo batho ba kajeno ba ketekang matsatsi a bona a tsoalo ke ea khale. E simolohile boselamoseng le bolumeling. Mokhoa oa ho lakaletsa mahlohonolo, ho fana ka limpho le ho keteka—kaofela le likerese tse bonesitsoeng—mehleng ea boholo-holo li ne li reretsoe ho sireletsa ea ketekang tsoalo ea hae ho bademona le ho tiisa hore o tla sireletseha selemong se tlang. . . . Ho fihlela lekholong la bone la lilemo Bokreste bo ile ba hana mokete oa letsatsi la tsoalo ka hore ke mokhoa oa bohetene.”—Schwäbische Zeitung (tlatsetso ea makasine Zeit und Welt), April 3/4, 1981, leq. 4.
“Bagerike ba ne ba kholoa hore motho ka mong o na le moea kapa daemon o mo sireletsang o bang teng mohla a hlahang le ho mo lebela bophelong. Moea ona o ne o e-na le kamano ea mohlolo le molimo oa letsatsi leo motho a tsoetsoeng ka lona. Baroma le bona ba nontša maikutlo ana. . . . Mokhoa ona oa theosa le tumelo ea batho ’me o bontšoa ka lengeloi la molebeli, ’mè oa moemeli oa tšōmong, le mohalaleli oa mohlokomeli. . . . Ke Bagerike ba qalileng mokhoa oa likerese tse bonesoang kukung. . . . Likuku tsa mahe a linotši tse bōpehileng joaloka khoeli ’me li khantšitsoe ka likerese tse tšesaane li ne li beoa lialetareng tsa tempele ea [Arthemise]. . . . Likerese tsa letsatsi la tsoalo, tumelong ea baholo-holo, li na le malepa a mohlolo a fanang ka se lakatsoang. . . . Likerese tse tšesaane tse khantšitsoeng le mello ea mahlabelo li ’nile tsa e-ba le tlhaloso e ikhethang ea mohlolo ho tloha ha motho a qala ho etsetsa melimo ea hae lialetare. Kahoo likerese tsa letsatsi la tsoalo ke tlotla le hlompho ho ngoana ea tsoetsoeng ’me li tlisa mahlohonolo. . . . Litumeliso tsa matsatsi a tsoalo le litakaletso tsa thabo ke karolo ea bohlokoa ea letsatsi lena la boikhopotso. . . . Qalong khopolo e ne e metse boselamoseng. . . . Litumeliso tsa letsatsi la tsoalo li na le matla a botle kapa bobe hobane motho o ba haufi le lefatše la meea ka letsatsi lena.”—The Lore of Birthdays (New York, 1952), Ralph le Adelin Linton, maq. 8, 18-20.
Ha ho haneloe liboka tse hahang tsa malapa le metsoalle hore ba je, ba noe le ho thaba ka linako tse ling
Moek. 3:12, 13: “Ha ho letho le ka bang molemo ho bona, ha e se ho itumela le ho iketsetsa boiketlo ka tšiu tsa bophelo ba bona; ke lemohile hape hoba, ere ha motho a e-ja lijo, kapa a e-noa, le ho latsoa boiketlo ka mokhathala oohle oa hae, le teng e sa le neo ea Molimo.”
Bona le 1 Ba-Korinthe 10:31.