Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rs leq. 149-leq. 152
  • Ho Ipusa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ipusa
  • Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebe
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Litebello Tsa Paradeise ke Tsa Sebele ho sa Tsotellehe ho se Utloe ha Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Baphonyohi ba Tlameha ho se be “ba Lefatše”
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
Ho Bea Mabaka ka Mangolo
rs leq. 149-leq. 152

Ho Ipusa

Tlhaloso: Boemo boo ho bona motho a sa itšetlehang ka ba bang kapa a ipolelang hore ha a itšetleha ka ba bang, a se tlas’a tšusumetso kapa tataiso ea bona. Ba filoe bolokolohi, batho ba na le takatso ea tlhaho ea ho ipusa ho itseng. Leha ho le joalo, ha e feteletsoa, takatso ena e tsoala ho se utloe, le bona borabele.

Ha batho ba lahla litekanyetso tsa Bibele, na ba hlile baa lokoloha?

Ba-Roma 6:16, 23: “Ana ha le tsebe hoba, ha le ipea bahlanka ba e mong ho mo utloa, le bahlanka ba eo le mo utloang, leha e le ba sebe se isang lefung, leha e le ba kutlo e isang ho lokeng? . . . moputso oa sebe ke lefu; empa neo ea mohau ea Molimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena oa rōna.”

Ba-Gal. 6:7-9: “Le se ke la thetsoa, Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona. Ea jallang nama ea hae, o tla kotula nameng ho bola; empa ea jallang Moea, o tla kotula Moeeng bophelo bo sa feleng. Re se ke ra khathala ke ho etsa hantle.”

Boitšoaro ba botona le botšehali: “Ea febang o siteloa ’mele oa hae.” (1 Ba-Kor. 6:18) “Ea febang le mosali o . . . itimetsa moea oa hae ka sebele.” (Liprov. 6:32) (Ka bosodoma, bona Ba-Roma 1:24-27.) (Likamano tsa botona le botšehali tse sa lumelloang li ka ’na tsa bonahala li le monate hona joale. Empa li isa maloetseng a nyonyehang, kemaro e sa hlokoeng, ho ntšoa hoa limpa, mōna, letsoalo le tšoenyehileng, ho ferekana maikutlo, ’me ruri ho se amohelehe ho Molimo, oo litebello tsa rōna tsa bophelo bo sa feleng li itšetlehileng ka oona.)

Telekiso ea lintho tse bonahalang: “Ba ratang ho rua, ba oela melekong, le lerabeng, le litakatsong tse ngata, tse sa utloahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong. Hobane lerato la leruo ke motso oa libe tsohle; ba bang ka ho le lakatsa ba khelohile tumelo, ’me ba itlhabile ka mahlomola a mangata.” (1 Tim. 6:9, 10) “Ke tla re ho moea oa ka: Moea, u na le mesebetsi e mengata e bokelletsoeng lilemo tse ngata; phomola, u je, u noe, u nyakalle. Empa Molimo oa re ho eena: Leoatla tooe! Ka bona bosiu bona, moea oa hao o tla latoa ho uena; ’me lintho tseo u li lokisitseng, e tla ba tsa mang na? Ea ipokellelang matlotlo, a mpa a sa ruele ho Molimo, o joalo.” (Luka 12:19-21) (Matlotlo a bonahalang ha a tlise thabo e tšoarellang. Boiteko ba ho fumana maruo bo atisa ho isa malapeng a bosula, ho kula le tšenyeho moeeng.)

Botahoa: “Bomalimabe ke ba mang na? Jo na! Jo ’na! ke tsa mang? Likomang ke tsa mang? Lillo ke tsa mang! Maoma a feela ke a mang? Ke a mang mahlo a mafubelu na? Ke a ba qenehelang ho noa, ba hlanyetsang veine e tsoakiloeng. Ho felleng, e loma joale ka noha, e hlaba joale ka marabe.” (Liprov. 23:29, 30, 32) (Qalong ho noa ho ka ’na hoa bonahala ho thusa motho hore a lebale mathata a hae, empa ha ho a rarolle. Ha a hlaphoheloa, mathata a ntse a le teng, hangata a bile a eketsehile. Ha bo sebelisoa ho tlōla, joala bo senya boitlhompho ba motho, bophelo ba hae, bophelo ba lelapa la hae le kamano ea hae le Molimo.)

Tšebeliso e mpe ea Lithethefatsi: Bona maqephe 256-262, tlas’a “Lithethefatsi.”

Litloaelano tse mpe: Haeba sehlopha sa litlokotsebe se ka u bolella hore se tseba mokhoa oa ho fumana chelete e ngata ntle ho ho sebetsa ka matla, na u ka ea le sona? “U se ke ua ea ka tsela ea bona, u fapose leoto la hao ’mileng oa bona. Hobane maoto a bona a mathela bobeng, ba thootheletsoe ho tšolla mali.” (Liprov. 1:10-19) Haeba motho e se morapeli oa Jehova, empa ho bonahala e hlile e le motho e motle, na u ka mo talima e le motsoalle e motle? Sikeme e ne e le mora oa morenana oa Kanana, ’me Bibele e re “e ne e le eena ea hlomphehang ho fetisisa ho ba ntlo ea ntat’ae kaofela,” empa “a mo [Dina] nka, a robala le eena, a mo senya.” (Gen. 34:1, 2, 19) Na ’nete ea hore batho ba bang e ka ’na eaba ha ba lumele linnete tseo u ithutileng tsona Lentsoeng la Molimo e lokela ho etsa phapang ho uena? “Le se ke la lahleha: litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.” (1 Ba-Kor. 15:33) Jehova o ne a tla ikutloa joang haeba u khetha metsoalle e sa mo rateng? Ho morena oa Juda ea ileng a etsa joalo, moromuoa oa Jehova o kile a re: “Jehova o u halefetse ka baka la tseo.”—2 Likron. 19:1, 2.

Ke mang ea ileng a phehella batho hore ba ikutloe ba lokolohile ho iketsetsa liqeto ba sa natse litaelo tsa Molimo?

Gen. 3:1-5: “Noha [e sebelisoa ke Satane hore a bue ka eona; bona Tšenolo 12:9] . . . ea re ho mosali: A efela Molimo o itse: Le se ke la ja lifate tsohle tsa tšimo na? Mosali a re ho noha: Re ka ja litholoana tsa lifate tse tšimong; empa ha e le litholoana tsa sefate se har’a tšimo, Molimo o itse: Le se ke la li ja, ’me le se ke la li ama, hore le tle le se ke la shoa. Noha ea fetola mosali, ea re: Ha e le ho shoa, le ke ke la shoa; Molimo o mpa o tseba hobane, mohla le li jang, mahlo a lōna a tla tutuboloha, ’me le tla ba joale ka melimo, le tsebe botle le bobe.”

Ke moea ofe o susumetsang motho ha a hlokomoloha thato ea Molimo e le hore a khotsofatse litakatso tsa botho?

Ba-Ef. 2:1-3: “[Molimo] o le tsositse joalo le lōna le neng le shoele melatong ea lōna le libeng tsa lōna; tseo khale le neng le itsamaela ho tsona ka mokhoa oa lefatše lena [le busoang ke Satane], ha le ne le sa busoa ke morena ea busang matla a sebaka, e leng moea o sebetsang joale baneng ba ho se lumele. Le rōna bohle, pele, re ne re tsamaea le bona litakatsong tsa nama ea rōna, re ntse re etsa ho ratoang ke nama le ke mehopolo ea rōna; ’me ka ho hlaha ha rōna re ne re le bana ba bohale, joale ka ba bang.”

Ke hoa bohlokoa hore ba ipolelang hore ba sebeletsa Molimo ba qobe boikutlo bofe ba ho ipusa?

Liprov. 16:18: “Boikhohomoso bo etella timelo pele, boikhantšo bo isa ho oeng.”

Liprov. 5:12: “Ua re: Na ke ne ke hane taeo joang? Pelo ea ka e ne e hloetse’ng khalemelo na?” (Boikutlo bo joalo bo ka ’na ba isa motho mathateng a tebileng, joalokaha taba e potolohileng e bontša.)

Num. 16:3: “Ba bōkanela Moshe le Aarone [bao Jehova a neng a ba sebelisa e le balebeli ba batho ba hae], ba re ho bona: Ho lekane! Phutheho kaofela ke batho ba halalelang, ’me Jehova o har’a bona; ke ka baka la’ng ha le iphahamisitse ka holimo ho phutheho ea Jehova na?”

Juda 16: “Ke batho ba korotlang, ba khananang, ba eang ka litakatso tsa bona; melomo ea bona e bolela tsa boikhohomoso, ba talima tšobotsi ea batho ka takatso ea moruo.”

3 Joh. 9: “Diotrefe, ea ratang ho ba oa pele oa bona, ha a re amohele.”

Liprov. 18:1: “Motho ea ikhethang ho ba bang o batla ho ikhahlisa eena a ’notši; khalefong ea hae o soma tsohle tsa bohlale.”

Jak. 4:13-15: “Joale, ke bua le lōna ba reng: Kajeno, kapa hosasane, re tla ea motseng oa hore hoitseng, re tla lula teng selemo se le seng, re tla hoeba teng, re tla rua; athe ha le tsebe se tla hlaha hosasane. Hobane bophelo ba lōna ke’ng? Ke moholi feela o bonahalang ka motsotso o se okae, o ntoo nyamela. Empa joale le ka be le re: Ha Morena a rata, ha re sa le teng, re tla etsa hore le hore.”

Ha takatso ea motho ea ho ipusa e mo etsisa lefatše le kantle ho phutheho ea Bokreste, o oela taolong ea mang? Hona Molimo o ho talima joang?

1 Joh. 2:15; 5:19: “Se rateng lefatše, leha e le tse lefatšeng; ekare ha motho a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena.” “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.”

Jak. 4:4: “Efela ea phehellang ho iketsa motsoalle oa lefatše o ipea sera ho Molimo.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela