Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rs leq. 181-leq. 189
  • Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova
  • Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • A4 Lebitso la Molimo Mangolong a Seheberu
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Jehova ke Mang?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ho Khetholla Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
    Tsoha!—1999
  • Lintho Tse Etsang Hore ho be Thata ho Tseba Molimo ka Lebitso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Ho Bea Mabaka ka Mangolo
rs leq. 181-leq. 189

Jehova

Tlhaloso: Lebitso la botho la Molimo o le mong feela oa ’nete. Lebitso leo o ikhethetseng lona. Jehova ke ’Mōpi ’me, ka nepo, ke Morena ’Musi oa bokahohle. “Jehova” e fetoletsoe litlhakung tse ’nè tsa Seheberu, יהוה, tse bolelang “O Etsa hore Ho Be.” Litlhaku tsena tse ’nè tsa Seheberu li emeloa ke litlhaku JHVH kapa YHWH lipuong tse ngata.

Lebitso la Molimo le fumanoa hokae liphetolelong tsa Bibele tse sebelisoang haholo kajeno?

The New English Bible: Lebitso Jehova le hlaha ho Exoda 3:15; 6:3. Bona le Genese 22:14; Exoda 17:15; Baahloli 6:24; Ezekiele 48:35. (Empa haeba phetolelo ena le tse ling li sebelisa “Jehova” libakeng tse ngatanyana, ke hobane’ng ha li sa tsitse ho e sebeliseng kae le kae moo litlhaku tse ’nè tsa Sebeberu li hlahang teng?)

Revised Standard Version: Se ngotsoeng tlaase ho leqephe ka Exoda 3:15 se re: “Lentsoe MORENA ha le peletiloe ka litlhaku tse khōlō, le emela lebitso le halalelang, YHWH.”

Today’s English Version: Se ngotsoeng tlaase ho leqephe ka Exoda 6:3 se re: “MORENA: . . . Moo mangolo a Seheberu a nang le Yahweh, ka neano e fetoletsoe e le Jehova, phetolelo ena e sebelisa MORENA ka litlhaku tse khōlō, e latela tšebeliso e atileng liphetolelong tsa Senyesemane.”

King James Version: Lebitso Jehova le fumanoa ho Exoda 6:3; Pesaleme ea 83:18; Esaia 12:2; 26:4. Bona le Genese 22:14; Exoda 17:15; Baahloli 6:24.

American Standard Version: Phetolelong ena, lebitso Jehova le sebelisoa ka mokhoa o tsitsitseng ka Mangolong a Seheberu ho tloha ho Genese 2:4.

Douay Version: Se ngotsoeng tlaase ho leqephe ka Exoda 6:3 se re: “Lebitso la ka Adonai. Lebitso, le ka mangolong a Seheberu, ke lona lebitso lane le tšoanelehang ka ho fetisisa la Molimo, le hlalosang boleng ba boteng ba oona ba ka ho sa feleng, (Ex. 3, 14,) leo Bajode ba sa le bitseng ka lebaka la hlompho ea borapeli; empa, ho e-na le lona, neng le neng ha le hlaha ka Bibeleng, ba re Adonai, e hlalosang Morena; ’me, ka baka leo, ba kenya matšoao kapa lilumi tsa lebitso Adonai, litlhakung tse ’nè tsa lebitso leo le leng le sa bitsoeng, Jod, He, Vau, He. Ke kahoo ba bang ba kajeno ba bopileng lebitso Jehova, le sa kang la tsejoa ke baholo-holo bohle, e-bang ke ba Bajode kapa ba Bakreste; kaha mokhoa oa ’nete oa ho bitsa lebitso, le ka mangolong a Seheberu, o lahlehile ka baka la ho se sebelisoe ka nako e telele.” (Hoa thahasellisa hore The Catholic Encyclopedia [1913, Moq. VIII, leq. 329] e re: “Jehova, lebitso le tšoanelehang la Molimo ka Testamenteng ea Khale; ka hona Bajode ba ne ba le bitsa lebitso le khethehileng ka baka la boholo, lebitso le leholo, lona lebitso feela.”)

The Holy Bible e fetoletsoeng ke Ronald A. Knox: Lebitso Yahweh le fumanoa ho se ngotsoeng botlaaseng ba leqephe ho Exoda 3:14 le 6:3.

The New American Bible: Se ngotsoeng tlaase ho leqephe ka Exoda 3:14 se ithatela sebopeho sa “Yahweh,” empa lebitso ha le hlahe litemaneng tsa sehlooho tsa phetolelo ena. Khatisong ea Saint Joseph, bona le sehlomathiso sa Buka e Hlalosang Mantsoe ea Bibele tlas’a “Lord” le “Yahweh.”

The Jerusalem Bible: Litlhaku tse ’nè tsa Seheberu li fetoletsoe e le Yahweh, ho tloha moo li hlahang ka lekhetlo la pele, ho Genese 2:4.

New World Translation: Lebitso Jehova le sebelisitsoe ka Mangolong a Seheberu le a Bakreste a Segerike phetolelong ena, le hlaha ka makhetlo a 7 210.

An American Translation: Ho Exoda 3:15 le 6:3 lebitso Yahweh le sebelisitsoe, le lateloa ke “MORENA” e ka masakaneng.

The Bible in Living English, S. T. Byington: Lebitso Jehova le sebelisitsoe Mangolong a Seheberu kaofela.

The ‘Holy Scriptures’ e fetoletsoeng ke J. N. Darby: Lebitso Jehova le hlaha ka Mangolong a Seheberu kaofela, hape le botlaaseng ba maqephe a mangata litemaneng tsa Mangolo a Bakreste a Segerike, ho qala ka Mattheu 1:20.

The Emphatic Diaglott, Benjamin Wilson: Lebitso Jehova le fumanoa ho Mattheu 21:9 le libakeng tse ling tse 17 phetolelong ena ea Mangolo a Bakreste a Segerike.

The Holy Scriptures According to the Masoretic Text—A New Translation, Mokhatlo oa Sejode oa Phatlalatso oa Amerika, Max Margolis, mohlophisi e moholo: Ho Exoda 6:3 ho hlaha litlhaku tse ’nè tsa Seheberu ka temaneng ea Senyesemane.

The Holy Bible e fetoletsoeng ke Robert Young: Lebitso Jehova le fumanoa hohle ka Mangolong a Seheberu phetolelong ena ea lentsoe ka lentsoe.

Ke hobane’ng ha liphetolelo tse ngata tsa Bibele li sa sebelise lebitso la botho la Molimo kapa li le sebelisa ka makhetlo a fokolang feela?

Selelekela sa Revised Standard Version sea hlalosa: “Ka mabaka a mabeli Komiti e khutletse tšebelisong e tloaelehileng haholoanyane ea King James Version: (1) lentsoe ‘Jehova’ ha le emele ka nepo sebopeho leha e le sefe sa Lebitso se kileng sa sebelisoa ka Seheberu; le (2) tšebeliso ea lebitso lefe kapa lefe bakeng sa Molimo o le mong le oo e leng oona feela, joalokaha eka ho na le melimo e meng eo o lokelang ho khetholloa ho eona, e ile ea khaotsa Bojodeng pele ho mehla ea Bokreste ’me ho hang ha e-ea lokela bakeng sa tumelo e akaretsang ea Kereke ea Bokreste.” (Ke kahoo ho itšetlehiloeng ka maikutlo a bona e le motheo oa ho tlosa ka Bibeleng e Halalelang lebitso la botho la Moqapi ea Halalelang oa eona, eo lebitso la hae le hlahang hangata ka Seheberu sa pele ho feta lebitso lefe kapa lefe kapa tlotla efe kapa efe. Ba lumela hore ba latela mohlala oa bakhomareli ba Sejode, bao Jesu a itseng ka bona: “Le fetotse molao oa Molimo lefeela ka mokhoa oo le o neanang.”—Matt. 15:6.)

Bafetoleli ba ileng ba ikutloa ba tlamehile ho kenyelletsa lebitso la botho la Molimo bonyane hang kapa ka makhetlo a seng makae litemaneng tsa sehlooho, le hoja ba sa ho etse ka nako le nako ha le hlaha ka Seheberu, ho hlakile hore ba latetse mohlala oa William Tyndale, ea ileng a kenyelletsa lebitso le halalelang phetolelong ea hae ea Mangolo a mahlano a Moshe e hatisitsoeng ka 1530, kahoo a ikarola mokhoeng oa ho sia lebitso ho hang.

Na lebitso Jehova le ile la sebelisoa ke bangoli ba bululetsoeng ba Mangolo a Bakreste a Segerike?

Lekholong la bone la lilemo, Jerome, o ile a ngola: “Mattheu, eo hape e leng Levi, eo ha a tloha tšebeletsong ea sechaba e ileng ea e-ba moapostola, o qalile Molaetsa oa Kreste Judea ka puo ea Seheberu le ka litlhaku tsa teng molemong oa ba lebollo ba neng ba lumetse.” (De viris inlustribus, khaol. III) Molaetsa ona o akarelletsa ho qotsa ka ho toba ka makhetlo a 11 likarolong tsa Mangolo a Seheberu moo litlhaku tse ’nè li fumanehang. Ha ho lebaka la ho lumela hore Mattheu ha a ka a qotsa litemana joalokaha li ne li ngotsoe temaneng ea Seheberu eo a neng a qotsa ho eona.

Bangoli ba bang ba bululetsoeng ba tlatselitseng ho se ka Mangolong a Bakreste a Segerike ba qotsitse lirapa tse makholo litemaneng tsa Septuagint, phetolelo ea Mangolo a Seheberu ka Segerikeng. Tse ngata ho litemana tsena li ne li akarelletsa litlhaku tse ’nè tsa Seheberu hona temaneng ea Segerike ea likopi tsa pele tsa Septuagint. Tumellanong le boikutlo ba Jesu mabapi le lebitso la Ntate oa hae, barutuoa ba Jesu ba ne ba tla boloka lebitso leo ho seo ba se qotsitseng.—Bapisa Johanne 17:6, 26.

Ho Journal of Biblical Literature, George Howard oa Univesithi ea Georgia o ngotse: “Rea tseba hore ke ’nete hore Bajode ba buang Segerike ba ile ba tsoela pele ho ngola יהוה ka Mangolong a bona a Segerike. Ho feta moo, ha ho bonahale eka Bakreste ba Bajode ba buang Segerike, ba neng ba ntse ba tšoarelletse mekhoeng ea bona ba ile ba kheloha tloaelo ena. Le hoja litšupisong tse nyenyane tse buang ka Molimo mohlomong ba ile ba sebelisa mantsoe [Molimo] le [Morena], e ne etlaba ho sa tloaelehang ho hang ho bona hore ba lahle litlhaku tse ’nè mangolong a Bibele ka booona. . . . Kaha litlhaku tse ’nè li ne li sa ntsane li ngotsoe ka likoping tsa Bibele ea Segerike e neng e etsa Mangolo a kereke ea pele, hoa utloahala ho lumela hore bangoli ba T[estamente e] N[cha] ha ba qotsa ka Mangolong, ba ne ba boloka litlhaku tse ’nè ka mangolong a Bibele. . . . Empa eare ha li tlosoa T[estamenteng ea] K[hale] ea Segerike, tsa tlosoa hape le moo T[estamente e] N[cha] e neng e qotsitse ho T[estamente ea] K[hale]. Ke kahoo kae kae hoo e ka bang qalong ea lekholo la bobeli la lilemo ho sebelisoa hoa mantsoe a emang sebakeng ho tlamehang e be ho ile hoa pupetsa litlhaku tse ’nè litestamenteng ka bobeli.”—Moq. 96, No. 1, March 1977, maq. 76, 77.

Ke ho ngoloa hofe hoa lebitso le halalelang ho nepahetseng—Jehova kapa Yahweh?

Ha ho motho kajeno ea ka tiisang hore na pele le ne le bitsoa joang ka Seheberu. Hobane’ng? Seheberu sa Bibele pele se ne se ngoloa feela ho se lilumi (a, e, i, o, u) ho lumisa lilumisoa. Ha puo eo e ne e sebelisoa ka letsatsi le letsatsi, ho ne ho le bonolo hore babali ba kenye lilumi tse tšoanelehang lipakeng ho fana ka molumo. Leha ho le joalo, kamorao ho nako, Bajode ba ba le maikutlo a tumela-khoela a hore ho phoso ho bitsa lebitso la Molimo la botho ka lentsoe le phahameng, eaba ba bea litlhaloso sebakeng sa lona. Makholo a lilemo hamorao, liithuti tsa Bajode tsa qala mokhoa oa ho bea matšoao oo ka oona ho ka bontšoang hore na ho kenngoe selumi sefe ha ho baloa Seheberu sa boholo-holo, empa ba bea lilumi tsa mantsoe a hlalosang a emeng sebakeng pakeng tsa litlhaku tse ’ne tse emelang lebitso la Molimo. Ke kahoo mokhoa oa ho bitsa lebitso le halalelang o ileng oa lahleha.

Liithuti tse ngata li rata ho le ngola e le “Yahweh,” empa ha hoa qaqa ebile ha li lumellane. Ka lehlakoreng le leng, “Jehova[h]” ke sebopeho sa lebitso se hlokomelehang habonolo haholo, hobane se sebelisitsoe ka makholo-kholo a lilemo ’me, joaloka mekhoa e meng ea ho le ngola, se boloka litlhaku tse ’nè tsa Seheberu.

J. B. Rotherham, ho The Emphasised Bible, o sebelisitse Yahweh Mangolong a Seheberu kaofela. Leha ho le joalo, hamorao ho Studies in the Psalms ea hae o sebelisitse “Jehova.” O hlalositse: “JEHOVAH—Tšebeliso ena ea sebopeho sena sa Senyesemane ea lebitso la Khopotso . . . khatisong ea hona joale ea Lipesaleme ha e tsoaloe ke maikutlo leha e le afe a mabe mabapi le mokhoa o nepahetseng haholoanyane oa ho bitsa [lebitso] e le Yahwéh; empa feela ka lebaka la bopaki bo sebetsang boo ke ikhethetseng bona ka ho lakatsa hore sechaba se nkutloe le ho mpona tabeng ea mofuta ona, eo ntho ea bohlokoa e leng hore ho hlokomeloe lebitso la Molimo kapele.”—(London, 1911), leq. 29.

Hoba moprofesa Gustav Friedrich Oehler oa Lejeremane a bue ka mekhoa e sa tšoaneng ea ho bitsa lebitso o ile a fihlela qeto: “Ho tloha ntlheng ena ho ea pele ke sebelisa lentsoe Jehova, hobane, ka mabaka a utloahalang, lebitso lena joale le se le fetohile la tlhaho puong ea rōna, ’me le ke ke la nkeloa sebaka.”—Theologie des Alten Testaments, khatiso ea bobeli (Stuttgart, 1882), leq. 143.

Seithuti sa Lejesuti Paul Joüon o re: “Liphetolelong tsa rōna, ho e-na le sebopeho (se inahaneloang) sa Yahweh, re sebelisitse Jéhovah . . . e leng sebopeho seo ho lumellanoeng ka sona hore se ka sebelisoa ka Sefora.”—Grammaire de l’hébreu biblique (Roma, 1923), botlaaseng ba leqephe leqepheng la 49.

Mabitso a mangata a fetoha ka mokhoa o itseng ha a tlosoa puong e ’ngoe a isoa ho e ’ngoe. Jesu o tsoetsoe e le Mojode, ’me lebitso la hae ka Seheberu mohlomong le ne le bitsoa Ye·shuʹa‛, empa bangoli ba bululetsoeng ba Mangolo a Bakreste ha baa ka ba tsila-tsila ho ngola lebitso ka Segerike e le, I·e·sousʹ. Ka lipuo tse ling tse ngata, le batla le bitsoa ka mokhoa o batlang o fapane, empa ka bolokolohi re sebelisa sebopeho se tloaelehileng lelemeng la rōna. Ho joalo le ka mabitso a mang a Bibele. Ke joang, he, re ka bontšang ho hlompha ka tšoanelo Eo lebitso la bohlokoa ka ho fetisisa e leng la hae? Na e be e ka ba ka hore ho se be mohla re bitsang kapa re ngolang lebitso la hae ka lebaka la hobane ha re nepisise hore na le ne le bitsoa joang pele? Kapa, ho e-na le hoo, na ekaba ka ho sebelisa mokhoa oa ho bitsa le ho ngola o tloaelehileng puong ea rōna, ha re bua hantle ka Mong a lona le ho itšoara joaloka barapeli ba hae ka mokhoa o mo hlomphang?

Ke hobane’ng haele hoa bohlokoa ho tseba le ho sebelisa lebitso la botho la Molimo?

Na u na le kamano e haufi le mang kapa mang eo u sa tsebeng lebitso la hae? Ho batho bao Molimo o se nang lebitso, hangata ke feela matla a se nang sebopeho, hase motho oa sebele, hase e mong eo ba mo tsebang le ho mo rata le eo ba ka buang le eena ka thapelo ho tloha pelong. Haeba ba rapela, lithapelo tsa bona ke tloaelo feela, ke tse phetang ntho e le ’ngoe e ithutiloeng ka hlooho.

Bakreste ba ’nete ba na le taelo e tsoang ho Jesu Kreste ea ho etsa barutuoa ka batho ba lichaba tsohle. Ha ho rutoa batho bana, ho ka ba bonolo joang ho khetholla Molimo oa ’nete e le o fapaneng le melimo ea bohata ea lichaba? Ke feela ka ho sebelisa lebitso la Oona la botho, joalokaha Bibele e etsa joalo.—Matt. 28:19, 20; 1 Ba-Kor. 8:5, 6.

Ex. 3:15: “Molimo oa . . . re ho Moshe: U tle u re ho bana ba Iseraele: Jehova, Molimo oa bo-ntat’a lōna, . . . o nthomile ho lōna. Ke lona lebitso la ka ka ho sa feleng, ’me ke eona khopotso ea ka melokong le melokong.”

Esa. 12:4: “Rorisang Jehova, rapelang lebitso la hae, le tsebise lichaba liketso tsa hae; tumisang, le re: Lebitso la hae ke le phahamileng.”

Ezek. 38:17, 23: “Morena Jehova o re: . . . ’Me ke tla itlotlisa, ke be ke ikhalaletse, ke itsebahatse mahlong a lichaba tse ngata; ’me ba tla tseba hoba ke ’na Jehova.”

Mal. 3:16: “Eaba ba tšabang Jehova ba buisana hammoho, e mong le e mong le ngoan’abo, ’me Jehova a theetsa tsebe, a mamela; buka ea khopotso ea ngoloa pel’a hae, ea ngolloa ba tšabang Jehova le ba hlokomelang lebitso la hae.”

Joh. 17:26: “[Jesu a rapela Ntate oa hae:] Ke ba [balateli ba hae] tsebisitse lebitso la hao, ’me ke tla ’ne ke ba tsebise lona, hore lerato leo u nthatileng ka lona le be ho bona, le ’na ke be ho bona.”

Lik. 15:14: “Simone o le phetetse kamoo Molimo o qalileng ho etela lichaba hore o ikhethele har’a tsona sechaba se khethetsoeng lebitso la oona.”

Na Jehova ka “Testamenteng ea Khale” ke Jesu Kreste ka “Testamenteng e Ncha”?

Matt. 4:10, NW: “Jesu a re ho eena: ‘Tloha, Satane! Hobane ho ngoliloe, ho thoe, “Ke Jehova [“Morena,” Bibele ea Sesotho, le tse ling] Molimo oa hao eo u tlamehang ho mo rapela, ’me u lokela ho neela tšebeletso e halalelang ho eena feela.”’” (Ho hlakile hore Jesu o ne a sa re ho rapeloe eena.)

Joh. 8:54: “Jesu a araba [Bajode], a re: Ekare ha ke ithorisa e le ’na, thoriso ea ka hase letho; ea nthorisang ke Ntate, eo le reng ke Molimo oa lōna.” (Mangolo a Seheberu a tsebahatsa Jehova ka ho hlakileng e le Molimo oa Bajode ba neng ba ipolela hore baa o rapela. Jesu ha a ka a re ke eena Jehova, empa hore Jehova e ne e le Ntate oa hae. Mona Jesu o hlakisitse hantle hore eena le Ntate oa hae ke batho ba fapaneng ho hang.)

Pes. 110:1: “Jehova o itse ho Morena oa ka [oa Davida]: Lula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng lira ho uena bonamelo ba maoto a hao.” (Ho Mattheu 22:41-45, Jesu o hlalositse hore eena ka boeena e ne e le “Morena” oa Davida, eo ho buuoang ka eena pesalemeng ena. Ka hona Jesu hase Jehova empa ke eo mantsoe a Jehova a neng a tobisitsoe ho eena mona.)

Ba-Fil. 2:9-11: “Ke ka baka leo Molimo o mo [Jesu Kreste] phahamisitseng ka ho fetisa, ’me o mo neile lebitso le holim’a mabitso ’ohle; hore lebitsong la Jesu, mangole ’ohle a ba maholimong, le lefatšeng, le ka tlase ho lefatše, a khumame; ’me maleme ’ohle a bolele hore Jesu Kreste ke Morena, e be tlotliso ea Molimo Ntate [Dy e re: “ . . . leleme le leng le le leng le bolele hore Morena Jesu Kreste o ka khanya ea Molimo Ntate.” Kx le CC li baleha ka ho tšoanang, empa se ngotsoeng tlaase ho leqephe ho Kx se lumela hore; “ . . . Segerike se batla se ngotsoe ka tlhaho haholoanyane e le ‘tlotlisong ea,’” ’me NAB le JB li e ngola ka tsela eo.]” (Hlokomela hore mona Jesu Kreste o bontšoa a fapane le Molimo Ntate ’me a le tlas’a Hae.)

Motho a ka rata Jehova joang haeba hape a lokela ho Mo tšaba?

Bibele e re bolella hore re lokela ho rata Jehova (Luka 10:27) le ho mo tšaba. (1 Pet. 2:17; Liprov. 1:7; 2:1-5; 16:6) Ho tšaba Molimo ka tšabo e nang le mabaka ho tla re etsa hore re be hlokolosi haholo ho qoba ho ipokellela bohale ba oona. Lerato la rōna bakeng sa Jehova le tla re susumelletsa ho batla ho etsa lintho tse mo khahlisang, ho bontša kananelo ea rōna bakeng sa lipontšo tse se nang palo tsa lerato la hae le mosa oa hae o sa tšoanelang.

Lipapiso: Ka tšoanelo mora o tšaba ho halefisa ntate oa hae, empa kananelo bakeng sa sohle seo ntat’ae a mo etsetsang sona le eona e lokela ho susumetsa mora ho bontša lerato la ’nete bakeng sa ntate oa hae. Ea sesang ka leoatleng ka scuba a ka ’na a re o rata leoatle, empa ho le tšaba ka tšabo e nang le mabaka ho tla mo etsa hore a hlokomele hore ho na le lintho tseo a lokelang ho qoba ho li etsa. Ka ho tšoanang, lerato la rōna bakeng sa Molimo le lokela ho tsamaea le tšabo e nang le mabaka ea ho se etse ntho efe kapa efe e ka re bokellelang bohale ba oona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela