Foreword
LETSATSI le leng le le leng batho ba talimana le liqeto tse amang litekanyetso tse amoheloang tsa boitšoaro mabapi le bophelo bo botle: ho fetisetsa litho tsa ’mele oa motho e mong ho e mong, ho ntša mpa, “tokelo ea ho shoa.” Re tšepa hore ha ho mohla u tla talimana le mathata a joalo.
Leha ho le joalo, ho na le taba e ’ngoe e hlokang hore u e ele hloko: Mali a ka sebelisoa joang ho boloka bophelo?
Ka lebaka le letle, hona joale ba bangata baa botsa, ‘Litšelo tsa mali li sireletsehile hakae?’ Empa ena hase taba ea phekolo ea meriana feela. Ke taba e tsebahalang ka ho pharalletseng e amang Lipaki tsa Jehova. Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha batho baa ba latelang litekanyetso tse amoheloang tsa boitšoaro, ba lumelang hore ho ka sebelisoa meriana e metle, ba hana ho amohela mali?
Joalokaha u tla bona, litšobotsi tsa phekolo ea meriana le tsa litekanyetso tsa se nepahetseng le se fosahetseng tsa ho sebelisa mali li amana ka ho toba le hore na ke joang u ka bolokang letlotlo la hao la bohlokoa ka ho fetisisa: BOPHELO.