Khaolo ea 7
Jesu le Balepi
BANNA ba ’maloa ba tsoa Bochabela. Ke balepi—batho ba ipolelang hore ba hlalosa boemo ba linaleli. Ha ba ntse ba le hae Bochabela, ba ile ba bona naleli e ncha, ’me ba e sala morao lik’hilomithara tse makholo-kholo ho ea Jerusalema.
Ha balepi ba fihla Jerusalema, baa botsa: “O kae ea tsoetsoeng morena oa ba-Jode? Hobane re bone naleli ea hae bochabela, ’me re tlile ho mo khumamela.”
Ha Morena Heroda a utloa ka sena Jerusalema, o halefa haholo. Kahoo o bitsa baprista ba baholo ’me o ba botsa moo Kreste a tlang ho hlahela teng. Ba theile karabo ea bona Mangolong, baa araba: “Ke Bethlehema.” Nakong eo, Heroda o laela hore balepi ba tlisoe ho eena ’me o re ho bona: “E-eang le botsisise litaba tsa ngoana haholo; ’me etlare ha le mo fumane, le ntsebise, le ’na ke tle ke ee, ke mo khumamele.” Empa, ha e le hantle Heroda o batla ho fumana ngoana e le hore a ’molaee!
Ka mor’a hore ba tsamaee, ho etsahala ntho e makatsang. Naleli eo ba e boneng ha ba le Bochabela e ba etella pele. Ka ho hlakileng, ena hase naleli e tloaelehileng, empa ka ho khethehileng e lokiselitsoe ho ba tataisa. Balepi ba e latela ho fihlela e ema hantle holim’a ntlo eo Josefa le Maria ba lulang ho eona.
Ha balepi ba kena ka tlung, ba fumana Maria le ngoana oa hae e monyenyane, Jesu. Nakong eo bohle baa mo inamela. Ba ntša limpho tsa gauda, libano le myrrha ka mekotleng ea bona. Ka mor’a moo, ha ba se ba tla khutla le ho ea bolella Heroda moo ngoana a leng teng, Molimo o ba lemosa ka toro hore ba se etse joalo. Kahoo ba khutlela ha habo bona ka tsela esele.
U nahana hore ke mang ea lokiselitseng naleli ee e neng e tsamaea sebakeng ho tataisa balepi? Hopola, naleli eo ha e-ea ka ea ba tataisa ka ho toba ho ea ho Jesu Bethlehema. Ho e-na le hoo, e ile ea ba isa Jerusalema moo ba ileng ba kopana le Morena Heroda ea neng a batla ho bolaea Jesu. A ka be a hlile a ’molaea hoja Molimo oa se ke oa kenella ’me oa hlokomelisa balepi hore ba se bolelle Heroda moo Jesu a neng a le teng. Ke Satane, Diabolose, eo e leng sera sa Molimo, ea neng a batla hore Jesu a bolaoe, ’me o ile a sebelisa naleli ho leka ho phethahatsa morero oa hae. Mattheu 2:1-12; Mikea 5:2.
▪ Ke eng se bontšang hore naleli eo balepi ba e boneng e ne e se naleli e tloaelehileng?
▪ Jesu o hokae ha balepi ba mo fumana?
▪ Lebaka leo ka lona re tsebang hore Satane o ne a lokiselitse naleli ho tataisa balepi ke lefe?