Khaolo ea 12
Kolobetso ea Jesu
HOO e ka bang likhoeli tse tšeletseng hoba Johanne a qale ho bolela, Jesu, eo joale a seng a le lilemo li 30, o tla ho Johanne Jordane. Ka lebaka lefe? Na o mo etetse ka setsoalle? Na Jesu o mpa a thahasella feela hore na mosebetsi oa Johanne o tsoela pele joang? Che, Jesu o kōpa Johanne hore a mo kolobetse.
Hang-hang Johanne oa hana: “Ke ’na ke tšoanetseng ho kolobetsoa ke uena, ’me u tla ho ’na na?” Johanne oa tseba hore Jesu, eo e leng ngoan’abo ka bo-’m’a bona, ke Mora ea khethehileng oa Molimo. Johanne o ne a ile a hlasimoloha ke thabo ka pōpelong ea ’mè oa hae ha Maria, eo e neng e le moimana oa Jesu, a ba etetse! Ha ho pelaelo hore ’mè oa Johanne, Elizabetha, hamorao o ile a ’molella sena. ’Me mohlomong o ne a se a ’molelletse ka tsebiso ea lengeloi ea ho tsoaloa ha Jesu le ka ho itlhahisa ha mangeloi ho balisana bosiung boo Jesu a tsoetsoeng ka bona.
Ka hona Johanne o tseba Jesu. ’Me Johanne oa tseba hore kolobetso ea hae ha e tšoanele Jesu. Ke kolobetso ea ba bakelang libe tsa bona, empa Jesu ha a na sebe. Empa, ho sa tsotellehe ho hana ha Johanne, Jesu oa tsitlella: “Ntumelle joale; hobane e ka khona re phethe joalo ho lokelang hohle.”
Ke hobane’ng ha ho nepahetse hore Jesu a kolobetsoe? Hobane kolobetso ea Jesu hase letšoao la ho bakela libe, empa ke letšoao la ho itlhahisa ha hae hore a etse thato ea Ntate oa hae. Jesu e ne e le ’metli, empa joale ke nako ea hore a qale tšebeletso eo Jehova Molimo a mo rometseng ho tla e etsa lefatšeng. Na u nahana hore Johanne o lebelletse hore ho etsahale ntho e ’ngoe e sa tloaelehang ha a kolobetsa Jesu?
Hamorao Johanne oa tlaleha: “Ea nthomileng ho kolobetsa ka metsi, ke eena ea neng a mpolelletse, a re: Eo u tla bona Moea o theohela ho eena, ’me o lula holim’a hae, ke eena ea kolobetsang ka Moea o Halalelang.” Ka hona Johanne o lebelletse hore moea oa Molimo o theohele holim’a e mong eo a mo kolobetsang. Ka hona, mohlomong Johanne ha a hlile ha aa makale ha a bona Jesu a e-tsoa metsing ’me, ‘moea oa Molimo o theohela holim’a hae o ka leeba.’
Empa ho etsahala ho fetang hoo ha Jesu a kolobetsoa. ‘O phetleloa maholimo.’ See se bolela eng? Ka ho hlakileng, se bolela hore nakong ea ha a kolobetsoa, o hopola bophelo ba hae ba leholimong pele e e-ba motho. Ka hona, joale Jesu o hopola bophelo ba hae ha e ne e le mora oa moea oa Jehova Molimo ka botlalo, ho akarelletsa le lintho tsohle tseo Molimo o li buileng ho eena leholimong nakong ea boteng ba hae ba pele e e-ba motho.
Ho phaella moo, nakong ea ha a kolobetsoa, lentsoe le tsoang leholimong lea phatlalatsa: “Enoa ke Mora oa ka ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena.” Ke lentsoe la mang leo? Na ke lentsoe la Jesu ka boeena? Ka sebele ha ho joalo! Ke lentsoe la Molimo. Ka ho hlakileng, Jesu ke Mor’a Molimo, hase Molimo ka booona, joalokaha batho ba bang ba bolela.
Leha ho le joalo, Jesu ke mora oa Molimo eo e leng motho, feela joaloka motho oa pele, Adama. Morutuoa Luka, ka mor’a hore a hlalose kolobetso ea Jesu, oa ngola: “Jesu o na a batla ho ba le lilemo tse mashome a mararo, ha a qala ho ruta. Ka ho lekanya ha batho, e ne e le mora oa Josefa, oa Heli, . . . oa Davida, . . . oa Abrahama, . . . oa Noe, . . . oa Adama, oa Molimo.”
Feela joalokaha Adama e ne e le ‘mora oa Molimo’ eo e leng motho, Jesu le eena ke mora oa Molimo. Jesu ke eena motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela, e leng ho hlakang ha re hlahloba bophelo ba Jesu. Leha ho le joalo, ha Jesu a kolobetsoa, o kena kamanong e ncha le Molimo, o boetse o fetoha Mora oa Molimo oa moea. Joale Molimo o ’mitsetsa leholimong, kamoo ho ka boleloang ka teng, ka ho etsa hore pele a kene tseleng e tla etsa hore a tele bophelo ba hae ba botho ka ho sa feleng ka ho bo etsa sehlabelo molemong oa batho ba ahlotsoeng. Mattheu 3:13-17; Luka 3:21-38; 1:34-36, 44; 2:10-14; Johanne 1:32-34; Ba-Heberu 10:5-9.
▪ Ke hobane’ng ha Johanne a tseba Jesu?
▪ Kaha Jesu ha a na libe, ke hobane’ng ha a kolobetsoa?
▪ Ka baka la seo Johanne a se tsebang ka Jesu, ke hobane’ng ha mohlomong a ne a ke ke a makala ha moea oa Molimo o theohela holim’a Jesu?