Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 34
  • O Khetha Baapostola ba Hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Khetha Baapostola ba Hae
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Khetha Baapostola ba Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Jesu o Khetha Baapostola ba 12
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Jesu o Ruta Thabeng
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Jesu o Khetha Baapostola ba 12
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 34

Khaolo ea 34

O Khetha Baapostola ba Hae

E BATLA e le selemo le halofo Johanne Mokolobetsi a buile ka Jesu e le Konyana ea Molimo ’me Jesu a qalile tšebeletso ea hae ea phatlalatsa. Ka nako eo Andrease, Simone Petrose, Johanne, mohlomong le Jakobo (ngoan’abo Johanne), hammoho le Filippi le Nathanaele (ea boetseng a bitsoa Bartholome), e ne e se e le barutuoa ba hae ba pele. Ha nako e ntse e tsamaea, ba bang ba bangata ba ile ba kopanela le bona ho lateleng Kreste.

Joale Jesu o boemong bo loketseng ba ho khetha baapostola ba hae. Bana e tla ba metsoalle ea hae e haufi-ufi e tla fuoa koetliso e khethehileng. Empa pele a ba khetha, Jesu o ea thabeng ’me o qeta bosiu bohle a rapela, mohlomong a kōpa bohlale le tlhohonolofatso ea Molimo. Ha e e-⁠ba motšehare, o bitsa barutuoa ba hae ’me har’a bona o khetha ba 12. Leha ho le joalo, kaha ba tsoela pele e le barutoana ba Jesu le bona, ba sa ntse ba bitsoa barutuoa.

Ba tšeletseng bao Jesu a ba khethang, ba boletsoeng ka holimo, ke bao e bileng barutuoa ba hae ba pele. Mattheu, eo Jesu a ’mitsitseng ofising ea hae ea lekhetho, le eena oa khethoa. Ba bang ba bahlano ba ileng ba khethoa, ke Judase (ea boetseng a bitsoa Thaddea), Judase Iskariota, Simone Mokanana, Thomase, le Jakobo mor’a Alfea. Jakobo enoa o boetse o bitsoa Jakobo e Monyenyane, mohlomong hobane a ne a le monyenyane ka ’mele kapa a ne a le monyenyane ka lilemo ho feta moapostola Jakobo e mong.

Ho tla fihlela joale bana ba 12 ba bile le Jesu ka nakoana, ’me o ba tseba hantle. Ha e le hantle, ba ’maloa ke beng ka eena. Ka ho hlakileng, Jakobo le ngoan’abo Johanne ke bo-motsoal’a Jesu ba pele. ’Me mohlomong Alfea e ne e le ngoan’abo Josefa, ntat’a Jesu oa mohōlisi. Ka hona mor’a Alfea, moapostola Jakobo, le eena e ne e tla ba motsoal’a Jesu.

Ha e le hantle, Jesu ha a thatafalloe ke ho hopola mabitso a baapostola ba hae. Empa na u ka ba hopola? Hopola feela hore Simone o na le ngoan’abo Andrease, le hore ho na le ba babeli ba bitsoang bo-Simone, ba babeli ba bitsoang bo-Jakobo, le ba babeli ba bitsoang bo-Judase, le hore Jakobo o na le ngoan’abo Johanne. Seo ke senotlolo sa ho hopola baapostola ba robeli. Ba bang ba bane ba akarelletsa molekhetho (Mattheu), ea ileng a belaela hamorao (Thomase), e mong o ile a bitsoa a le tlas’a sefate (Nathanaele), le motsoalle oa hae Filippi.

Baapostola ba leshome le motso o mong ba tsoa Galilea, ha habo Jesu. Nathanaele o tsoa Kana. Filippi, Petrose le Andrease moo ba tlohang teng hantle ke Bethsaida, Petrose le Andrease ba ile ba fallela Kapernauma hamorao, moo ho utloahalang hore Mattheu o ne a lula teng. Jakobo le Johanne ba ne ba le khoebong ea ho tšoasa litlhapi ’me mohlomong hape ba ne ba lula Kapernauma kapa haufi le teng. Ho bonahala eka Judase Iskariota, eo hamorao a ileng a eka Jesu, ke eena feela moapostola ea neng a tsoa Judea. Mareka 3:13-19; Luka 6:12-16.

▪ Ke baapostola bafe bao mohlomong e neng e le beng ka Jesu?

▪ Baapostola ba Jesu ke bo-mang, hona u ka hopola mabitso a bona joang?

▪ Baapostola ba ne ba e-⁠tsoa libakeng life?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela