Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 37
  • Jesu o Leleka Mahlomola a Mohlolohali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o Leleka Mahlomola a Mohlolohali
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Leleka Mahlomola a Mohlolohali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Jesu o Tsosa Mora oa Mohlolohali
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ea Khonang ho Tsosa Bafu
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Re ka Tsoha Bafung!
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 37

Khaolo ea 37

Jesu o Leleka Mahlomola a Mohlolohali

NAKOANA ka mor’a hore a phekole mohlanka oa molaoli oa sesole, Jesu o ea Naine, motse o lik’hilomithara tse 32 ka boroa-bophirimela ho Kapernauma. Barutuoa ba hae le letšoele la batho ba tsamaea le eena. Mohlomong e se e batla e le ka shoalane ha ba fihla mathōkong a Naine. Mona ba teana le mokoloko oa batho ba eang mabitleng. Ho jeroe setopo sa mohlankana ho ea se epela ka ntle ho motse. 

Boemo ba ’mè ke bo otlang pelo ka ho khethehileng, kaha ke mohlolohali ’me enoa ke ngoana ea ’notši oa hae. Ha monna oa hae a e-⁠shoa, o ne a ka tšelisoa ke ’nete ea hore o na le mora oa hae. Tšepo ea hae, litakatso tsa hae le taba-tabelo ea hae li ile tsa lohelloa bokamosong ba hae. Empa joale ha ho eo a ka hlolang a fumana matšeliso ho eena. Mahlomola a hae a maholo ha batho ba motse ba mo felehetsa ho ea mabitleng.

Ha Jesu a bona mosali enoa, pelo ea hae e angoa ke masoabi a hae a maholo. Ka hona ka bonolo, empa e le ka tieo e kholisang, o re ho eena: “Se lle.” Mokhoa oa hae le tsela eo a ileng a etsa ka eona tsa hapa tlhokomelo ea letšoele. Ka hona ha a atamela ’me a ama mojaro oa mofu, ba jereng mofu ba ema tlekelele! Bohle ba tlameha ba be ba ipotsa hore na o tla etsa eng.

Ke ’nete hore ba tsamaeang le Jesu ba ’nile ba mo bona a phekola ka mohlolo mafu a batho ba bangata. Empa ho hlakile hore ha ba e-⁠s’o ’mone a tsosa mang kapa mang bafung. Na a ka etsa ntho e joalo? Ha a bua le setopo, Jesu oa laela: “Mohlankana, ke re ho uena: Tsoha!” Eaba monna eo oa lula! O qala ho bua, ’me Jesu a mo nea ’m’ae.

Ha batho ba bona hore kannete mohlankana oa phela, ba qala ho re: “Moprofeta e moholo o hlahile har’a rōna.” Ba bang ba re: “Molimo o etetse sechaba sa oona.” Litaba tsa ketso ena e hlollang tsa jaleha kapele Judea le mathōkong ’ohle a eona.

Johanne Mokolobetsi o ntse a le teronkong, ’me o batla ho ithuta ka ho eketsehileng ka mesebetsi eo Jesu a tsebang ho e etsa. Barutuoa ba Johanne ba ’molella lintho tsena tsohle. Karabo ea hae ke efe? Luka 7:11-18.

▪ Ho etsahala’ng ha Jesu a atamela Naine?

▪ Jesu o ameha joang ke seo a se bonang, ’me o etsa’ng?

▪ Batho ba arabela joang mohlolong oa Jesu?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela