Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 69
  • Ho Tsekoa Ntate

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tsekoa Ntate
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tsekoa Ntate
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Na Ntat’a Bona ke Abrahama Kapa ke Diabolose?
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Jehova o Ile a mo Bitsa Motsoalle oa Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Abrahama e ne e le Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 69

Khaolo ea 69

Ho Tsekoa Ntate

NAKONG ea mokete puisano ea Jesu le baetapele ba Bajode e ba matla haholoanyane. Jesu oa lumela: “Kea tseba hobane le leloko la Abrahama; empa le rata ho mpolaea, kahobane lentsoe la ka ha le na tulo ho lōna. ’Na ke bolela seo ke se boneng ho Ntate; le lōna he le etsa seo le se boneng ho ntat’a lōna.”

Le hoja a sa tsebahatse ntat’a bona, Jesu o hlakisa hore ntat’a bona o fapane le ntat’ae. Ka ho se hlokomele hore na Jesu o hopotse mang, baetapele ba Bajode baa arabela: “Ntat’a rōna ke Abrahama.” Ba ikutloa hore ba na le tumelo e tšoanang le ea Abrahama, eo e neng e le motsoalle oa Molimo.

Leha ho le joalo, Jesu o ba nyarosa ka karabelo ena: ‘Haeba le bana ba Abrahama, etsang mesebetsi ea Abrahama.’ Ka sebele, mora oa ’nete o etsisa ntat’ae. Jesu o re: “Athe joale le rata ho mpolaea, ’na ke leng motho ea le boleletseng ’nete, eo ke e utloileng ho Molimo; Abrahama ha a ka a etsa hona.” Kahoo Jesu o boela a re: “Lōna, le etsa mesebetsi ea ntat’a lōna.”

Empa ba sa ntsane ba sa utloisise hore na Jesu o bua ka mang. Ba tiisa hore ke bara ba molao ba Abrahama, ba re: “Rōna ha rea tsoaloa bonyatsing.” Kahoo, ka ho ipolela hore ke barapeli ba ’nete joaloka Abrahama, ba phea khang: “Ntat’a rōna o mong feela, ke Molimo.”

Empa na kannete Molimo ke Ntat’a bona? Jesu oa arabela: “Holane Molimo ke ntat’a lōna, le ka be le nthata, kahobane ke tsoile ho Molimo, ’me ke tlile. Ha kea itlisa, empa ke oona o nthomileng. Ha le utloisise puo ea ka ke’ng?”

Jesu o lekile ho bontša baetapele bana ba bolumeli liphello tsa ho mo latola ha bona. Empa joale ka tsela e tobileng o re: “Lōna, le tsoa ho ntat’a lōna, e leng Diabolose, ’me le rata ho phetha litakatso tsa ntat’a lōna.” Diabolose ke ntate oa mofuta ofe? Jesu o mo tsebahalitse e le ’molai ’me a bolela hore: ‘Ke raleshano le ntate oa leshano.’ Kahoo Jesu o qetella ka hore: “Eo e leng oa Molimo o utloa mantsoe a Molimo; ke ka baka leo le sa utloeng, hobane le se ba Molimo.”

Ba halefisitsoe ke nyatso ea Jesu, Bajode baa arabela: “Na ha re bue hantle, ha re re: U mo-Samaria, ’me u na le modemona na?” Lentsoe “mo-Samaria” le sebelisoa e le polelo ea nyeliso le nyefolo, kaha Basamaria e le batho ba hloiloeng ke Bajode.

A iphapanyetsa thohako ea bona e nyelisang ea hore ke Mosamaria, Jesu a arabela: “’Na ha ke modemona, ke mpa ke hlonepha Ntate, empa lōna, lea ntlhompholla.” Ha a tsoela pele, Jesu o etsa tšepiso ena e susumetsang: “Ekare ha motho a boloka lentsoe la ka, a ke ke a bona lefu le ka mohla o le mong.” Ha e le hantle, Jesu haa bolele hore bohle ba mo latelang, ka mokhoa oa sebele ba ke ke ba bona lefu le ka mohla. Ho e-⁠na le hoo, o bolela hore le ka mohla ba ke ke ba bona timetso ea ka ho sa feleng, kapa “lefu la bobeli,” leo ho seng tsoho ho lona.

Leha ho le joalo, Bajode ba nka mantsoe a Jesu ka mokhoa oa sebele. Kahoo, ba re: “Joale, rea tseba hobane u na le modemona; Abrahama o shoele, le bona baprofeta; ’me uena u re: Ekare ha motho a boloka lentsoe la ka, a ke ke a utloa lefu le ka mohla o mong. Na u moholo ho ntat’a rōna Abrahama na? Eena o shoele, le baprofeta ba shoele; uena, u ipea mang na?”

Puisanong ena kaofela, ho hlakile hore Jesu o supisa banna bana ’nete ea hore ke eena Messia ea tšepisitsoeng. Empa ho e-⁠na le ho arabela ka ho toba potso ea bona ea hore na ke mang, Jesu o re: “Ekare ha ke ithorisa e le ’na, thoriso ea ka hase letho; ea nthorisang ke Ntate, eo le reng ke Molimo oa lōna. Athe ha le mo tsebe. ’Na, kea mo tseba; ha nka re, ha ke mo tsebe, nka ba leshano joale ka lōna.”

Ho tsoela pele, Jesu o boela a bua ka Abrahama ea tšepahalang, a re: “Abrahama, ntat’a lōna, o nyakalletse ho bona letsatsi la ka, ’me o le bone, a ba a thaba.” E, ka mahlo a tumelo, Abrahama o ne a lebelletse ho fihla ha Messia ea tšepisitsoeng. Ka ho se lumele, Bajode baa arabela: “Lilemo tsa hao ha li e-⁠so ho be mashome a mahlano, ’me u re u bone Abrahama?”

Jesu oa arabela: “Ka ’nete-nete ke re ho lōna: Abrahama ha a e-⁠so ho hlahe, ke ntse ke le teng.” Ha e le hantle, Jesu o bua ka ho ba teng ha hae pele e e-⁠ba motho ha e ne e le motho ea matla oa moea leholimong.

Ba halefisitsoe ke ha Jesu a ipolela hore o bile teng pele ho Abrahama, Bajode ba nka majoe hore ba tle ba ’metse ka ’ona. Empa oa ipata ’me o tsoa tempeleng a sa hlaha kotsi. Johanne 8:37-59; Tšenolo 3:14, NW; 21:8.

▪ Jesu o bontša joang hore eena le lira tsa hae ba na le bo-ntate ba fapaneng?

▪ Hore Bajode ba bitse Jesu Mosamaria ho na le bohlokoa bofe?

▪ Ke ka kutloisiso efe Jesu a bolelang hore balateli ba hae ba ke ke ba bona lefu le ka mohla?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela