Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 84
  • Boikarabelo ba ho ba Morutuoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boikarabelo ba ho ba Morutuoa
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boikarabelo ba ho ba Morutuoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ho ba Molateli oa Jesu ke Ntho e Tebileng Hakae?
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • “Le Letsoai la Lefatše”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Bao e Ileng ea E-ba Barutuoa ba Jesu
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 84

Khaolo ea 84

Boikarabelo ba ho ba Morutuoa

HOBA a tlohe ha Mofarisi e mong ea tsebisahalang, eo ho bonahalang e ne e le setho sa Lekhotla le Phahameng la Bajode, Jesu o tsoela pele ho leba Jerusalema. Matšoele a mo latela. Empa a hlile a susumetsoa ke eng? Ke eng se hlileng se amehang ho beng molateli oa hae oa ’nete?

Ha ba ntse ba tsamaea, Jesu o retelehela ho matšoele ’me mohlomong oa a nyarosa ha a re: “Ekare ha e mong a e-⁠tla ho ’na, a sa hloee ntat’ae, le ’m’ae, le mosali oa hae, le bana ba hae, le banab’abo, le bo-khaitselie, le bona bophelo ba hae, o sitoa ho ba morutuoa oa ka.”

Jesu o bolela eng? Eseng hore balateli ba hae ka ho toba ba lokela ho hloea beng ka bona. Ho e-⁠na le hoo, ba tlameha ho ba hloea ka kutloisiso ea ho rata Jesu ho feta kamoo ba ba ratang kateng. Ntate-moholo oa Jesu Jakobo o boleloa a ile a ‘hloea’ Lea ’me a rata Ragele, ho bolelang hore Lea o ne a ratoa hanyenyane ho feta ngoan’abo Ragele.

Hape hlokomela hore Jesu o boletse hore morutuoa o lokela ho hloea ‘le oona moea oa hae,’ kapa bophelo. Hape seo Jesu a se bolelang ke hore morutuoa oa ’nete o tlameha ho Mo rata ho feta kamoo a ratang bophelo ba hae. Ka hona Jesu o hatisa hore ho ba morutuoa oa hae ke boikarabelo bo tebileng. Hase ntho eo motho a ka e nkang a sa ka a e nahanisisa ka hloko.

Ho ameha mathata le mahloriso ho beng morutuoa oa Jesu, joalokaha a tsoela pele ho bontša: “E mong le e mong ea sa jareng thupa ea hae ea tlhokofatso, a ntatela, o sitoa ho ba morutuoa oa ka.” Ka hona, morutuoa oa ’nete o tlameha ho ikemisetsa ho feta tlas’a mojaro o boima oa thohako o tšoanang le oo Jesu a ileng a o mamella, esita le ho kopanyelletsa, haeba ho hlokahala, ho shoela matsohong a lira tsa Molimo, e leng seo haufinyane Jesu a tlang ho se etsa.

Ka hona, ho ba morutuoa oa Kreste, ke taba eo matšoele a mo latelang a hlokang ho e nahanisisa ka hloko. Jesu o hatisa ’nete ena ka tsela ea papiso. O re: “Hobane ke mang har’a lōna, ha a rata ho haha tora, a ke keng a lula pele ho bala se tla ntšetsoa eona, a tle a bone ha a e-⁠na le seo a ka e phethang ka sona? E se re mohlomong, ha a theile motheo, ’me a sitoa ho phetha, bohle ba bonang ba qala ho mo soma, ba re: Motho enoa o qalile ho haha, ’me o sitiloe ho phetha.”

Ka hona Jesu o etsetsa matšoele a mo latelang papiso ka hore pele e e-⁠ba barutuoa ba hae, ba tlameha hore ba be ba tiile qetong ea hore ba ka phethahatsa sohle se amehang, joalokaha le monna ea batlang ho haha tora a etsa bonnete ba hore pele a qala ho haha o na le thepa e hlokahalang ho e phetha. Ha a fana ka papiso e ’ngoe, Jesu o tsoela pele:

“Kapa morena ke ofe, ea futuhelang morena e mong, a ke keng a lula pele, a nahana hore na ka batho ba likete tse leshome le le leng, a ka ea khahlanyetsa ea tlang ho mo loantša ka likete tse mashome a mabeli na? Ha ho se joalo, eo ha a sa le hole, a ka roma manģosa ho eena ho ea botsa tsa khotso.”

Joale Jesu o hatisa morero oa lipapiso tsa hae, ha a re: “Ka mokhoa o joalo, e mong le e mong har’a lōna, ea sa teleng tsohle tseo a nang le tsona, o sitoa ho ba morutuoa oa ka.” Sena ke seo matšoele a mo latelang, e, e mong le e mong ea ithutang ka Kreste, a tlamehang ho ikemisetsa ho se etsa. Ba tlameha ho itokisetsa ho tlohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba nang le eona​—⁠lintho tsohle tsa bona, ho akarelletsa le bophelo ka bobona⁠—​haeba e tla ba barutuoa ba hae. Na u ikemiselitse ho etsa see?

Jesu o tsoela pele: “Letsoai ke ntho e monate.” Thutong ea hae ea Thabeng o ile a re barutuoa ba hae ke “letsoai la lefatše,” ho bolelang hore ba na le tšusumetso e tlisang poloko ho batho, joalokaha letsoai la sebele le boloka lijo li sa bole. Jesu oa phetha: “Empa letsoai ha le tapile, le ka nokoa ka’ng? Ha le na mosebetsi bakeng sa mobu, kapa bakeng sa moiteli; ba le lahlela ntle. Ea nang le litsebe ho utloa, a utloe.”

Ka hona Jesu o bontša hore esita le bao e bileng barutuoa ka nakoana e teletsana ba tlameha hore ba se khoehlise boikemisetsong ba bona ba ho tsoela pele. Haeba ba etsa joalo, e tla ba ba se nang thuso, e be sesomo lefatšeng lena le ba sa tšoaneleheng ka pel’a Molimo, ha e le hantle, e be thohako ho Molimo. Kahoo, joaloka letsoai le tapileng, le silafetseng, ba tla lahleloa ntle, e, ba timetsoe. Luka 14:25-35, NW; Genese 29:30-33; Mattheu 5:13.

▪ Ho bolela eng ho “hloea” beng ka motho le ho itlhoea?

▪ Jesu o fana ka lipapiso life tse peli, ’me li bolela eng?

▪ Morero oa lipolelo tsa Jesu tse phethang mabapi le letsoai ke ofe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela