Khaolo ea 87
Lokisetsa Bokamoso ka Bohlale bo Sebetsang
JESU o sa tsoa bolella bongata bo akarelletsang barutuoa ba hae, balekhetho ba sa tšepahaleng le baetsalibe ba bang ba tummeng, bangoli le Bafarisi, pale ea mora ea lehlasoa. Joale, ha a bua le barutuoa ba hae, o ba bolella setšoantšo sa monna oa morui ea amohetseng tlaleho e sa thabiseng ka molaoli kapa mookameli, oa ntlo ea hae.
Ho latela Jesu, monna oa morui o bitsa mookameli oa ntlo ea hae ’me o ’molella hore o tlil’o mo leleka. Mookameli oa ntlo oa makala: “Ke tla etsa’ng, ha e le moo mong’a ka a nkamoha bookameli? Ha ke na matla a ho sebetsa ka thata, le teng ke lihlong ho kōpa. Ke tseba seo ke tla se etsa, hore batho ba tle ba nkamohele ha bona ha ke se ke ntšitsoe bookameling.”
Mookameli oa ntlo o rera ho etsa eng? O bitsa ba kolotang mong’a hae. Oa botsa: “U na le molato o mokae ho mong’a ka?”
Oa pele oa arabela: ‘Lilithara tse 2 200 tsa oli.’
Oa ’molella: ‘Nka lengolo la hao la molato, u ngole kapele-pele tse 1 100.’
O botsa e mong: “Uena, molato oa hao o mokae?”
Oa bolela: ‘Ke lilithara tse 22 000 tsa koro.’
‘Nka lengolo la hao la molato, u ngole 18 000.’
Mookameli oa ntlo o ntse a e-na le tokelo ea ho fokotsa lichelete tse kolotoang mong’a hae, kaha o sa ntsane a ikarabella licheleteng tsa mong’a hae. Ka hona ka ho fokotsa lichelete tse itseng, o thea setsoalle le bao ba ka mo tsoelang molemo ha a lahleheloa ke mosebetsi oa hae.
Monghali ha a utloa se etsahetseng, o ikutloa a hloletsoe. Ha e le hantle, o ‘babatsa mookameli eo le hoja a sa tšepahala, kaha o entse ka bohlale bo sebetsang.’ Ka sebele, Jesu oa phaella: “Bana ba lefatše, molōkong oa bona, ba masene ho feta bana ba leseli.”
Joale, ha a tlisa thuto ka ho barutuoa ba hae, Jesu oa khothatsa: “Iketsetseng metsoalle ka leruo le sa lōkang, hore e tle ere ha le fela, ba le amohele meahong e sa feleng.”
Jesu ha a babatse mookameli oa ntlo ka ho se loke ha hae empa bakeng sa bohlale ba hae bo bonelang pele, le bo sebetsang. Hangata ‘bana ba lefatše lena’ ka masene ba sebelisa chelete ea bona kapa boemo ho etsa metsoalle le bao hamorao ba ka ba tsoelang molemo. Ka hona bahlanka ba Molimo, “bana ba leseli,” le bona ho hlokahala hore ba sebelise thepa ea bona e bonahalang, ‘leruo la bona le sa lokang,’ ka tsela e bohlale e le hore ba ka iphumantša molemo.
Empa joalokaha Jesu a bolela, ba lokela ho iketsetsa metsoalle ka maruo ana le bao ba ka ’nang ba ba amohela ka “meahong e sa feleng.” Bakeng sa litho tsa mohlatsoana, meaho ena e leholimong; bakeng sa “linku tse ling,” lefatšeng la Paradeise. Kaha ke Jehova Molimo le Mora oa hae feela ba ka amohelang batho ka meahong ena, re lokela ho etsa ka matla ho sebelisa ‘leruo leha e le lefe le sa lokang’ leo e ka ’nang eaba re na le lona ho tšehetsa lithahasello tsa ’Muso ’me ka tsela eo re hlaolela setsoalle le bona. Joale, ha maruo a hlōleha kapa a fela, joalokaha ka sebele a tla fela, bokamoso ba rōna bo sa feleng bo tla be bo tiisitsoe.
Jesu o tsoela pele ho bolela hore batho ba tšepahalang ho hlokomela esita le lintho tsena tse bonahalang, kapa tse nyenyane, ba tla boetse ba tšepahala ho hlokomeleng litaba tsa bohlokoa bo boholoanyane. O ile a tsoela pele: “Ha e le moo le sa ka la tšepahala leruong le sa lōkang, ke mang ea tla le tšepela la sebele [ke hore, lithahasello tsa moea, kapa tsa ’Muso]? Ha le bile le sa ka la tšepahala ho seo e leng sa e mong [lithahasello tsa ’Muso tseo Molimo o li nehang bahlanka ba oona], ke mang ea tla le nea seo e leng sa lōna [moputso oa bophelo meahong e sa feleng]?”
Ho hang re ke ke ra ba bahlanka ba ’nete ba Molimo ’me ka nako e tšoanang re be makhoba a maruo a sa lokang, maruo a lintho tse bonahalang, joalokaha Jesu a phetha: “Ha ho mohlanka ea ka tsebang ho sebeletsa marena a mabeli; hobane o tla hloea e mong, a rate e mong, kapa o tla khomarela e mong, a nyelise e mong. Le ke ke la sebeletsa Molimo le Leruo.” Luka 15:1, 2; 16:1-13, TLP; Johanne 10:16.
▪ Ke joang mookameli oa ntlo setšoantšong sa Jesu a iketsetsang metsoalle le bao hamorao ba ka mo thusang?
▪ “Leruo le sa lōkang” ke eng, ’me re ka iketsetsa metsoalle ka lona joang?
▪ Ke bo-mang ba ka re amohellang ka “meahong e sa feleng,” ’me meaho ee ke efe?