Khaolo ea 105
Ho Qaleha ha Letsatsi le Mahlonoko
HA JESU a tloha Jerusalema ka ’Mantaha mantsiboea, o khutlela Bethania letsoapong le ka bochabela la Thaba ea Mehloare. Matsatsi a mabeli a tšebeletso eo ea ho qetela Jerusalema a se a phethiloe. Ntle ho pelaelo Jesu o boetse o robaletsa ha motsoalle oa hae Lazaro. Ho tloha haesale a fihla a tsoa Jeriko ka Labohlano, bona ke bosiu ba bone a robaletsa Bethania.
Joale, hoseng ha Labobeli, la 11 Nisane, eena le barutuoa ba hae ba boetse ba kena tseleng. Lena le ipaka e le letsatsi le mahlonoko la tšebeletso ea Jesu, le maphatha-phathe ka ho fetisisa ho tla fihlela joale. Ke letsatsi la ho qetela a bonahala tempeleng. ’Me ke letsatsi la ho qetela la tšebeletso ea hae ea phatlalatsa pele a qosoa le ho bolaoa.
Jesu le barutuoa ba hae ba tsamaea ka tselana e tšoanang ba hloa Thaba ea Mehloare ho leba Jerusalema. Pel’a tsela eo e tlohang Bethania, Petrose o hlokomela sefate seo Jesu a neng a se rohakile hoseng ha letsatsi le ka pele. Oa hooa: “Rabbi, bona sefate sa feiga see u se rohakileng, se omeletse.”
Empa ke hobane’ng ha Jesu a ile a bolaea sefate seo? Oa bontša hore na ke hobane’ng ha a tsoela pele ho re: “Ka ’nete kea le bolella, ke re: Holane le na le tumelo, le sa belaele, le ka be le etsa, e seng se entsoeng ho sefate sa feiga feela, empa leha le be le ka re ho thaba ena [Thaba ea Mehloare eo ba emeng holim’a eona]: Tloha, u itihele leoatleng, ho no ho ka etsahala. Se seng le se seng seo le se kōpang ka thapelo, ha le lumela, le tla se neoa.”
Kahoo ka ho etsa hore sefate seo se omelle, Jesu o fa barutuoa ba hae thuto e theiloeng nthong e bonahalang ka tlhokahalo ea hore ba be le tumelo ho Molimo. Joalokaha a bolela: “Se seng le se seng seo le se kōpang ka thapelo, lumelang hoba le se bone, ’me se tla ba ho lōna.” Ke thuto ea bohlokoa hakaakang eo ba lokelang ho ithuta eona, haholo-holo ka baka la liteko tse tšabehang tse tla tla haufinyane! Leha ho le joalo, ho omella ha sefate sa feiga ho boetse ho amana le boleng ba tumelo.
Sechaba sa Iseraele joaloka sefate sa feiga, se na le ponahalo e thetsang. Le hoja sechaba seo se le kamanong ea selekane le Molimo ’me ka ntle se ka ’na sa bonahala se boloka litaelo tsa oona, se ipakile se se na tumelo, se sa behe litholoana tse ntle. Ka baka la ho haelloa ke tumelo, se bile se lekhatheng la ho lahla Mora oa Molimo! Ka hona, ka ho etsa hore sefate sa feiga se sa beheng se omelle, ka tšoantšetso Jesu o bontša hore na qetello ea sechaba sena se se nang litholoana, se se nang tumelo e tla ba efe.
Kapele, Jesu le barutuoa ba hae ba kena Jerusalema, ’me joalokaha e le tloaelo ea bona, ba leba tempeleng moo Jesu a qalang ho ruta teng. Baprista ba baholo le baholo ba sechaba baa mo phephetsa, ntle ho pelaelo ba hopotse ketso ea Jesu khahlanong le ba ananyang lichelete letsatsing le fetileng: “Ntho tseo, u li etsa ka matla afe? ’Me matla ao u a neiloe ke mang?”
Jesu ha a arabela o re: “Ke tla le botsa taba le ’na; ekare ha le mpolella eona, le ’na ke tla le bolella matla ao ke etsang ntho tseo ka ’ona. Ana kolobetso ea Johanne e ne e tsoa kae? Na e ne e tsoa leholimong, kapa bathong?”
Baprista le baholo ba qala ho eletsana hammoho mabapi le hore na ba tla arabela joang. “Ha re re: E ne e tsoa leholimong, o tla re: Ha ho le joalo, ha lea ka la e lumela ke’ng? ’Me ha re ka re: E ne e tsoa bathong, re tšaba bongata, hobane bohle ba re: Johanne ke moprofeta.”
Baeta-pele bao ha ba tsebe kamoo ba ka arabelang ka teng. Ka hona ba arabela Jesu ka ho re: “Ha re tsebe.”
Ha a arabela, Jesu o re: “Le ’na nke ke ka le bolella matla ao ke etsang ntho tseo ka ’ona.” Mattheu 21:19-27; Mareka 11:19-33; Luka 20:1-8.
▪ Ke’ng seo e leng ntho ea bohlokoa ka Labobeli, la 11 Nisane?
▪ Ke lithuto life tseo Jesu a fanang ka tsona ka ho etsa hore sefate sa feiga se omelle?
▪ Jesu o arabela ba ’motsang hore na o etsa lintho ka matla afe joang?