Khaolo ea 119
O Isoa ho Anna, ’me Hamorao o Isoa ho Kaiafa
JESU, a tlanngoe joaloka senokoane se tsebahalang, o isoa ho Anna, eo e leng moprista ea phahameng ea nang le tšusumetso e khōlō. Anna e ne e le moprista ea phahameng ha Jesu e le moshemane ea lilemo li 12 ’me a makatsa bo-rabbi ba matichere tempeleng. Bana ba ’maloa ba Anna ba ile ba sebeletsa e le baprista ba phahameng hamorao, ’me hajoale mokhoenyana oa hae Kaiafa o boemong boo.
Mohlomong Jesu o isoa lapeng la Anna ka baka la bophahamo bo hlahelletseng ka nako e telele ba moprista eo ea phahameng bophelong ba bolumeli ba Bojode. Ho emisa ha bona hore ba bone Anna ho neha Moprista ea Phahameng Kaiafa sebaka sa ho bokella Sanhedrin, lekhotla le phahameng la Bajode le nang le litho tse 71, hammoho le ho bokella lipaki tsa bohata.
Joale moprista ea phahameng Anna o hloma Jesu lipotso ka barutuoa ba hae le ka thuto ea hae. Leha ho le joalo, ha Jesu a arabela o re: “Ke buile le batho bohle pepeneneng, ka bua synagogeng le tempeleng ka mehla eohle, moo ba-Jode bohle ba phuthehelang teng; ha kea ka ka bolela letho sephiring. U mpotsetsa’ng? Botsa ba utloileng seo ke ba boleletseng sona; ke bona ba tsebang seo ke se boletseng.”
Ha a rialo, e mong oa balaoli ba emeng pel’a Jesu o mo jabela sefahlehong, o re: “Na u araba moprista e moholo joalo na?”
Jesu oa arabela: “Ha ke buile hampe, bolela bobe ba ka; empa ha ke buile hantle, u nkotlela’ng na?” Ka mor’a ho arabisana hona, Anna o romela Jesu a tlanngoe ho Kaiafa.
Hajoale baprista ba phahameng kaofela, le banna ba baholo le bangoli, e, lekhotla lohle la Sanhedrin, ba qala ho phutheha. Kamoo ho bonahalang ka teng sebaka seo ba bokaneng ho sona ke ntlo ea Kaiafa. Ka ho hlakileng, ho tšoara nyeoe e joalo bosiung ba Paseka ho khahlanong le molao oa Bajode. Empa sena ha se thibele baeta-pele ba bolumeli morerong oa bona o khopo.
Libeke tse seng kae pele, ha Jesu a tsosa Lazaro, lekhotla la Sanhedrin le ne le se le ntse le rerile hore o tlameha ho shoa. ’Me matsatsi a mabeli feela pejana, ka Laboraro, ba boholong bolumeling ba ne ba entse morero oa ho tšoara Jesu ka bomene-mene hore ba ’molaee. Nahana, o ne a se a bile a ahlotsoe pele ho nyeoe ea hae!
Joale ho etsoa boiteko ba ho fumana lipaki tse tla fana ka bopaki ba bohata e le hore Jesu a ka qosoa. Leha ho le joalo, ha ho fumanoe lipaki tse lumellanang ka bopaki ba tsona. Qetellong, ho hlaha lipaki tse peli ’me lia tiisa: “Re mo utloile a re: Ke tla qhaqha tempele ena e entsoeng ka matsoho, ke hahe e ’ngoe ka matsatsi a mararo, e sa etsoang ka matsoho.”
Kaiafa oa botsa: “Na ha u arabe letho na? Seo bao ba u nģosang ka sona ke’ng?” Empa Jesu o lula a khutsitse. Esita le qosong ena ea bohata, e leng ho tlotlollang lekhotla la Sanhedrin, lipaki ha li khone ho etsa hore litaba tsa tsona li lumellane. Kahoo moprista ea phahameng o leka leqheka le fapaneng.
Kaiafa o tseba kamoo Bajode ba hlabehang habonolo ka teng ka motho ea ipolelang hore ke Mora oa Molimo. Liketsahalong tse peli pejana, ka bohale ba ile ba bitsa Jesu monyefoli ea tšoaneloang ke lefu, ha pele ka phoso ba ne ba nahanne hore o ne a ipolela hore o lekana le Molimo. Joale, ka maqiti Kaiafa oa mo laela: “Ke u antša ka Molimo o phelang, hore u re bolelle ha eba u Kreste, Mora oa Molimo.”
Ho sa tsotellehe seo Bajode ba se nahanang, ha e le hantle, Jesu ke Mora oa Molimo. ’Me ho khutsa ho ka utloisisoa joaloka ho latola ho ba ha hae Kreste. Joale Jesu o arabela ka sebete: “Ke eena; ’me le tla bona Mor’a motho a lutse letsohong le letona la matla a Molimo, a e-tla ka maru a leholimo!”
Ha a rialo, Kaiafa, ka pontšo e matla, o hahola liaparo tsa hae, ’me oa hoeletsa: “O nyefotse! Re sa batlela’ng lipaki? Bonang, le utloile nyefolo ea hae joale. Ho joang ho lōna?”
Lekhotla la Sanhedrin lea tsebahatsa: “O tšoaneloa ke lefu.” Joale ba qala ho mo soma, ’me ba bua lintho tse ngata tse mo nyefolang. Baa mo jabela ebile ba mo tšoela ka mathe sefahlehong. Ba bang ba mo koahela sefahleho kaofela ’me ba mo otla ka litebele ’me ba bua ka mokhoa o phoqang ba re: “Kreste, u re profetele: ea u otlileng ke mang?” Boitšoaro bona bo fetelletseng, boo e seng ba molao bo etsahala nyeoeng e tšoeroeng bosiu. Mattheu 26:57-68; 26:3, 4; Mareka 14:53-65; Luka 22:54, 63-65; Johanne 18:13-24; 11:45-53; 10:31-39; 5:16-18.
▪ Ke hokae moo Jesu a isoang teng pele, ’me ke eng se mo hlahelang moo?
▪ Ke hokae moo joale Jesu a isoang teng, hona ke ka morero ofe?
▪ Kaiafa o nolofalloa joang ho etsa hore lekhotla la Sanhedrin le tsebahatse hore Jesu o tšoaneloa ke lefu?
▪ Ke boitšoaro bofe bo fetelletseng, boo e seng ba molao bo etsahalang nyeoeng?