Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • sp maq. 2-3
  • Kenyelletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kenyelletso
  • Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntsa Kotsi? Na e Hlile e Teng?
Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntsa Kotsi? Na e Hlile e Teng?
sp maq. 2-3

Kenyelletso

Dauda ea tsoang Sierra Leone oa tlaleha: “Ke hōletse motsaneng o profensing e ka leboea. Ka lekhetlo le leng, ha ke sa le moshanyana, lelapa leso le ne le tseka tšimo le lelapa le leng. Bobeli ba ’ona a ne a re tšimo ena ke ea ’ona. Ho ile ha bitsoa seepa-meri hore se tl’o rarolla taba ena. Se ile sa neha monna e mong seipone, eaba se mo koahela ka lesela le lesoeu. Kapele monna eo ea koahetsoeng ka lesela o ile a qala ho tlakasela le ho fufuleloa. Ha a sheba ka seiponeng, o ile a hoeletsa: ‘Ke bona monna-moholo ea atamelang! O apere liaparo tse tšoeu. O molelele ebile o tsofetse, o moriri o moputsoa, ’me ha a tsamaea o batla a le lekhutla.’

“O ne a hlalosa Ntate-moholo oa ka! Eaba o tšoha haholo ’me oa hoeletsa: ‘Haeba le sa kholoe seo ke le bolellang sona, tloong le tl’o iponela!’ Ha e le hantle, ha ho lea mong ho rōna ea neng a le sebete hore a ka etsa joalo! Seepa-meri seo se ile sa mo khutsisa ka ho mo fafatsa ka motsoako oa boselamose oa makhasi le metsi, oo se neng se o tšetse mohopeng.

“‘Ntate-moholo’ o ile a re tšimo eo ke ea lelapa leso, a bua ka monna ea hlahileng seiponeng. O ile a bolella nkhono oa ka hore a leme tšimo eo ka ntle le ho khathatseha. Lelapa leo ho tsekoang le lona le ile la amohela kahlolo eo. Tseko eo e ile ea rarolloa.”

Liphihlelo tse joalo li tloaelehile Afrika Bophirimela. Joaloka likarolong tse ling tsa lefatše, mona batho ba limillione tse se nang palo ba lumela hore bafu ba fetela lefatšeng la moea, leo ho lona ba ka bonang le ho susumetsa bophelo ba batho ba lefatšeng. Na tumelo ee ke ’nete? Na bafu ba hlile baa phela? Haeba ha ho joalo, bao ba ipolelang hore ke meea ea bafu ke bo-mang? Ho tseba likarabo tse nepahetseng lipotsong tsena ke habohlokoahali. Ke taba e amang bophelo le lefu.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela