Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gf thuto 15 maq. 24-25
  • Metsoalle ea Molimo e Etsa Lintho Tse Ntle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Metsoalle ea Molimo e Etsa Lintho Tse Ntle
  • U ka ba Motsoalle oa Molimo!
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lelapa la Hao le ka Thaba
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Linotlolo Tse Peli Tse Lebisang Lenyalong le Tšoarellang
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Bophelo ba Lelapa bo Thabisang Molimo
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • U ka Etsa Joang Hore Bophelo ba Lelapa la Hao e be bo Thabisang?
    Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng
Bala Tse Ling
U ka ba Motsoalle oa Molimo!
gf thuto 15 maq. 24-25

Thuto ea 15

Metsoalle ea Molimo e Etsa Lintho Tse Ntle

Ha u e-na le motsoalle eo u mo ratang le eo u mo hlomphang, u leka ho tšoana le eena. Bibele e re: “Jehova o molemo ’me o lokile.” (Pesaleme ea 25:8) Hore re be metsoalle ea Molimo, re lokela ho ba batho ba molemo le ba lokileng. Bibele e re: “Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang, ’me le tsoele pele ho tsamaea leratong.” (Baefese 5:1, 2) Litsela tse ling tsa ho etsa seo ke tsena:

Thusa ba bang. “A re sebetseng se molemo ho bohle.”—Bagalata 6:10.

Sebetsa ka thata. “Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa, empa ho e-na le hoo, a sebetse ka thata, a etsa mosebetsi o molemo ka matsoho a hae.”—Baefese 4:28.

Hloeka ’meleng le boitšoarong. “A re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea, re phethahatse khalalelo ka ho tšaba Molimo.”—2 Bakorinthe 7:1.

Tšoara litho tsa lelapa la hao ka lerato le ka tlhompho. “E mong le e mong oa lōna . . . a rate mosali oa hae joalokaha a ithata; ka lehlakoreng le leng, mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae. Bana, le mamele batsoali ba lōna.”—Baefese 5:33–6:1.

Bontša ba bang lerato. “A re tsoeleng pele ho ratana, hobane lerato le tsoa ho Molimo.”—1 Johanne 4:7.

Hlompha melao ea naha. “Moea o mong le o mong o ke o ipehe tlas’a [’muso] . . . Fang bohle tse ba lokelang, ea batlang lekhetho, le mo fe lekhetho.”—Baroma 13:1, 7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela